Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 25:36 - BIBELE

36 ke hlobotse, la nkapesa; ke kula, la ntlhwela; ke le tjhankaneng, la ntjhakela.’

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 ke na be ke hlobotse, mme la nkapesa; ke na be ke baba, mme le tlile ho mpona; ke na be ke le teronkong, mme la tla ho nna.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

36 Ke hlobotse, la nkapesa; ke ne ke kula, mme la nketela; ke ne ke le teronkong, mme la tla ho nna.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

36 Ke hlobotse, la nkapesa; ke ne ke kula, mme la nketela; ke ne ke le teronkong, mme la tla ho nna.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 25:36
17 Referencias Cruzadas  

Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.


a eso ka a hatella motho, a eso batle peeletso ho maodimi, a eso tlatlape motho a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;


motho ya eso ka a hatella motho, ya buseleditseng moadimi, a mmuseletsa peeletso ya hae, ya eso tlatlape motho, a mo tlatlapa ka mahahapa, empa a fepa ba lapileng, a ba fepa dijo tsa hae, ba hlobotseng le bona a ba apesa;


Ha le matlafatse tse tsetang, tse kulang ha le di phekole, tse robehileng ha le di tlamise, tse kgelohileng ha le di phuthe, tsa malahleha ha le di batle, empa le di kganna ka thata, le a di hlekefetsa.


“Ke moo ba lokileng ba tla mo araba, ba re: ‘Morena, ke neng re ileng ra o bona o lapile, yaba re a o fepa; kapa o nyorilwe, ra o fa wa nwa?


ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.’


A araba, a re: “Ya nang le diaparo tse pedi a fe ya se nang letho, le ya nang le dijo a etse jwalo.”


Ke le bontshitse dinthong tsohle hore, ka ho sebetsa jwalo ka thata eka kgona le thuse mafutsana le ho hopola mantswe a Morena Jesu, kamoo yena a neng a re: ‘Ho fana ke lehlohonolo le fetang ho fuwa!’ ”


Le ile la utlwela batlamuwa bohloko; la dumela ho amohuwa maruo a lona le thabile, le ntse le tseba hore le na le leruo le leng le molemo ho feta, le sa senyeheng.


Hopolang ba ditlamong, jwaloka hoja le le ditlamong le bona; esita le ba hlekefetswang, hobane le lona le sa phela lefatsheng.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos