Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




BaHebheru 13:2 - BIBELE

2 Se lebaleng ho amohela baeti, hobane, ka ho etsa jwalo, ba bang ba amohetse mangeloi ba sa lemohe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le se ke la lebala ho amohela baeti; hobane ba bang, ka ho etsa jwalo, ba amohetse mangeloi ha bona, ba sa tsebe.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Le se ke la lebala ho amohela baeti;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le se ke la lebala ho amohela baeti;

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 13:2
21 Referencias Cruzadas  

Morena a iponahatsa ho Aborahama a le difateng tsa eike, tsa Mamore, moo a neng a dutse monyako wa tente, ka nako eo letsatsi le neng le tjhesa haholo.


Mangeloi ao a mabedi a fihla Sodoma ka phirimana, mme Lota o ne a dutse kgorong ya motse wa Sodoma. Yare ha Lota a a bona, a ema, a ya a kgahlanyetsa, a fihla a itihela fatshe ka sefahleho.


Ka letsatsi le leng Elisha a ya Shuneme, moo ho neng ho phela mosadi ya ruileng. Mosadi eo o ne a ye a qophelle Elisha hore a ke a fumane dijo. Kamehla ha Elisha a feta moo, o ne a ye a fapohele, mme mosadi a mo phomosetse.


haeba nkile ka bona motho a eshwa ke ho hloka diaparo, kapa mofumanehi a se na le nketlana;


Ha ho na moeti ya kila lala thoteng, menyako ya lapa la ka e buletswe batsamai.


Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.


Empa moditjhaba ya jakileng hara lona, a be jwaloka letswallwa la naha; le mo rate jwalokaha le ithata, hobane le lona le ne le le baditjhaba naheng ya Egepeta. Ke nna Morena Modimo wa lona.


hobane ke ne ke lapile, la mpha dijo; ke nyorilwe, la mpha ka nwa; ke le moeti, la nkamohela;


“Kgosi e tla ba araba, e re: ‘Ruri ke a le bolella, seo le se etseditseng e mong wa bao ba banyenyane ho bana beso, le se etseditse nna.’


ke le moeti, la se ke la nkamohela; ke hlobotse, la se ke la nkapesa; ke kula, ke le tjhankaneng, la se ke la ntlhwela.’


Ha a se a kolobeditswe le ba lelapa la hae, a re rapela, a re: “Haeba le kgotsofetse hore ke dumetse ho Morena, kenang ka tlung ya ka, le hlole teng.” A re qophella.


Kenyang letsoho thusong ya badumedi ba hlokang, thabelang ho amohela baeti.


Gaiose, eo ke leng moeti wa hae, eo le kereke yohle e phuthehelang ha hae, o a le dumedisa. Erasetose, ramatlotlo wa motse, le ngwanabo rona Kuaretose, ba a le dumedisa.


Mookamedi wa kereke eka kgona a hloke kodi; e be monna ya nang le mosadi a le mong, a be le boitshwaro dinong, a be sedi, a be le seriti, a thabele baeti, mme a tsebe ho ruta.


Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.


Empa a thabele baeti, a rate tse lokileng, a be sedi, a loke, a halalele, mme a be le boitshwaro.


E mong le e mong a amohele baeti a sa kganane.


Motswalle, seo o se etsetsang badumedi, le hoja e le baditjhaba, o se etsa ka botshepehi.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos