Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”
Mattheu 21:43 - BIBELE “Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona. Sesotho 1909/1961 (SO) Ka baka leo, ke re ho lona: Mmuso wa Modimo le tla o amohuwa, mme o tla newa setjhaba se seng se tla beha ditholwana tsa wona. Baasraak Sotho NT Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ka baka leo, ke re ho lona: Le tla amohuwa mmuso wa Modimo, o newe setjhaba se tla bea ditholwana tsa wona. |
Le tla ba baprista ba Morena, le be setjhaba se halalelang.’ Ana ke wona mantswe ao o tshwanetseng ho a bua ho bana ba Iseraele.”
Bonang, Morena o na le ya matla, ya sefutho, ya kang fefo sa lehodiotswana se senyang, ya kang pula ya ditlwebelele ya morallo: Ke yena ya tla o akgela fatshe ka sefutho.
Empa haeba ke leleka bademona ka Moya wa Modimo, ruri Mmuso wa Modimo o fihlile ho lona.
Ba re ho yena: “Batho bao ba kgopo o tla ba timetsa hampe, tshimo a e nee balemi ba bang ho e lema seahlolo, ba tla mo nea seabo sa kotulo ka nako ya sona.”
Jesu a re ho bona: “Na ha le eso bale Mangolong a halalelang, moo ho thweng: “ ‘Lejwe le lahlilweng ke dihahi le fetohile lejwe la mantlha; ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo’?
Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”
Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”
Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.
Leha nka ba le neo ya boporofeta, mme ka tseba diphiri tsohle tsa Modimo, ka ba ka di utlwisisa, esita leha nka ba le tumelo yohle e hlokahalang ho suthisa dithaba, empa ke se na lerato, ha ke letho.
Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.