Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 21:44 - BIBELE

44 Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

44 Ya tla wela hodima lejwe leo, o tla robeha, mme le tla pitla eo le mo welang hodimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

44 Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla robeha, empa mang kapa mang eo le mo welang, le tla mo sila.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

44 Mang kapa mang ya welang hodima lejwe lena o tla robeha, empa mang kapa mang eo le mo welang, le tla mo sila.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 21:44
22 Referencias Cruzadas  

Ho seng jwalo o tla halefa, mme le timelle tseleng ya lona, hobane kgalefo ya hae e phakisa ho tuka. Ho lehlohonolo bohle ba tshabelang ho yena.


O tla di busa ka lere la tshepe, o di pshatle jwaloka nkgo ya letsopa.’ ”


Ka baka leo ntswe la Morena e tla ba lena ho bona: Molao hodima molao, molao hodima molao, taelo hodima taelo, taelo hodima taelo; hanyenyane mona, hanyenyane mane, etlere ha ba tsamaya ba we ka sanketse, ba robehe, ba tshwaswe, ba thopuwe.


Tjhaba sa mmuso o ke keng wa o sebeletsa, se tla timela, e, tjhaba seo se tla fela se timelle ruri.


Mohla tsatsi leo, ke tla fetola Jerusalema lefika le ke keng la sisinngwa ke ditjhaba tsohle. Bohle ba lekang ho le sisinya le tla ba pitla. Ditjhaba tsohle tsa lefatshe, di tla e dikanela.


“Ka baka leo, ke a le bolella, ke re, le tla amohuwa Mmuso wa Modimo, mme o tla newa setjhaba se behang ditholwana tsa wona.


Baprista ba baholo le Bafarisi ha ba utlwa ditshwantsho tsa hae, ba elellwa hore o bua ka bona.


Ha e le Mora Motho, o ikela jwalokaha ho ngotswe ka yena, empa ho madimabe motho eo Mora Motho a tla ekwa ke yena. Ho ka be ho bile molemo ho yena hoja a se ke a tswalwa.”


Setjhaba sohle sa arabela, sa re: “Madi a hae a botswe rona le bana ba rona!”


Simeone a ba hlohonolofatsa, mme a re ho Maria, mmae: “Bona, ngwana enwa o baletswe ho wa le ho tsoha ha ba bangata Iseraeleng le ho ba pontsho e tlang ho hanyetswa,


“E mong le e mong ya welang hodima lejwe leo o tla tamukana, mme le tla silakanya eo le mo welang hodimo.”


Jesu a araba, a re: “O ka be o se na matla a letho hodima ka, ha o ne o sa a newa a etswa hodimo; ka baka leo, ya o neileng nna o na le sebe se fetang.”


jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Bonang, Sione ke bea lejwe le kgopang, lefika la kgopiso, empa ya dumelang ho lona ha a ka ke a hlajwa ke dihlong.”


Ba ntse ba re sitisa ho bua ho baditjhaba hore baditjhaba ba tle ba pholoswe. Sena ke sebe sa ho qetela sa tseo ba nnileng ba di etsa, mme jwale kgalefo ya Modimo e qeteletse e ba kgaoleditse.


ke lejwe le tla ba kgopa, lefika le tla ba thula.” Ba sa dumeleng lentswe la Modimo ba a kgoptjwa: hona ke kabelo ya bona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos