Ha o etsa tse lokileng o tla matlafala, bompodi bona bo ke ke ba eba teng ho wena, ha o ka ke wa tshaba letho, esita le ditshoso di ke ke tsa o atamela.
Ha ho na sebetsa se tla o bolaya, bohle ba o qosang o tla ba hlola ka nyewe. Lena ke lona lefa la bahlanka ba Morena, ke ho loka hoo ke ba neang hona,” ho rialo Morena.
“Jwale sedi la hao le tla hlaha, le hlahe jwaloka mafube a meso, ho fola ha hao le hona ho akofe, ho loka ha hao ho tla o etella pele, tlotla ya Morena e sireletse serao sa hao.
Kgoro tsa hao di tla dula di ntse di butswe, ha di ka ke tsa kwalwa motsheare le bosiu, batho ba o tlisetse maruo, maruo a baditjhaba, dikgosi tsa bona di tla di entse mokoloko.
Lerata la dintwa ha le sa tla utlwahala, naheng ya hao, leha e le tshenyo le nanaola meeding ya hao; marako a hao o tla a rea lebitso la Topollo, kgoro tsa hao tsona o di ree la thoriso.
Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona.
ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.
Ka baka la Sione ha nka ke ka kgutsa, ka baka la Jerusalema ha nka ke ka phomola, ho fihlela ho loka ha yona ho kganya ho kganya sa mafube a meso, topollo ya yona e tshwana le lebone le tukang.
Tswang! Tswang! ka dikgoro tsa motse, le lokise tsela ya tjhaba sa ka; batalatsang, batalatsang mmila, le suthise majwe, le phahamisetse ditjhaba tsohle mokgele.
Baditjhaba ba tla bona ho loka ha hao, dikgosi tsohle di bone tlotla ya hao; wena o tla bitswa ka lebitso le letjha, leo o tla la rewa ke Morena ka seqo.
Empa lona le moloko o kgethehileng, le baprista ba Morena, le mofuta o halalelang, le setjhaba seo a se ruileng. Le kgethetswe ho bolela dintle tsa ya le ntshitseng lefifing, a le bitsetsa leseding la hae le hlollang.
Baratuwa, ke ne ke tjhesehela ho le ngolla ka ho pholoswa hoo e leng ha rona bohle. Jwale ka ikutlwa ke tlameha ho le ngolla, ke le kgothatsa ho lwanela tumelo e neilweng bahalaledi hanngwe feela.
Ba ne ba bina sefela se setjha, ba re: “Ho a o lokela ho nka buka le ho kgomarolla dibitielo tsa yona, hobane o ile wa hlajwa, mme ka madi a hao wa lopollela Modimo batho ba meloko yohle, le ba dipuo tsohle, le ba ditjhaba tsohle, le ba mefuta yohle.