Isaia 26:3 - BIBELE3 O boloka kgotso ya ba maikutlo a tsitsitseng, hobane bona ba fela ba o tshepile. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)3 Ya pelo e tiileng o tla mmoloka kgotsong e fetisisang, kahobane o o tshepile. Ver Capítulo |
Yaba Nebukadenesare o a bua, o re: “Ho bokwe Modimo wa bo-Shaderaka le Meshake le Abedenego, ya ileng a roma lengeloi la hae ho tla pholosa bahlanka ba hae ba mo tshepileng. Ba ile ba nyedisa taelo ya kgosi, ba tela bophelo ba bona, hore ba se ke ba sebeletsa kapa ba kgumamela modimo e mong osele, haese Modimo wa bona feela.