Lerumo le leng le le leng le teetsweng ho o lwantsha, le ke ke la etsa letho; leleme le leng le le leng le tlang ho o tsohela matla ho o tsekisa, o tla le tswa. Ke lona lefa la bahlanka ba Jehova, le ho loka ha bona ho tswang ho nna, ho bolela Jehova.
Ke moo lesedi la hao le tla tjhaba jwaloka mafube a meso, ho pholoha ha hao ho phakise ho hlomela; ho loka ha hao ho tla o etella pele, kganya ya Jehova e o sale morao.
Ha ho sa tla utlwahala bothata naheng ya hao, leha e le tshenyo le tshenyeho meeding ya hao; empa o tla rea marako a hao lebitso la Poloko, o ree menyako ya hao lebitso la Kganya.
ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.
Ka baka la Sione nke ke ka kgutsa, le ka baka la Jerusalema nke ke ka ipha sebaka, ha ho eso ho hlahe ho loka ha hae jwalokaha ho hlaha mafube a meso, le poloko ya hae e hlahe jwaloka serumula se tukang.
Ke moo ditjhaba di tla bona ho loka ha hao, le marena kaofela a bone kganya ya hao, mme o tla bitswa ka lebitso le letjha le tlang ho bolelwa ke molomo wa Jehova.
Empa haele lona, le moloko o kgethilweng, le baprista le marena, le mofuta o halalelang, le setjhaba se ruilweng, le tle le bolele dithoko tsa ya le bitsitseng lefifing ho le kenya leseding la hae le hlollang;
Baratuwa, erekaha ke tjhesehela ho le ngolla taba tsa poloko, eo re e hlahiseditsweng hammoho, ke phehellwa ke pelo ho etsa jwalo, ke tle ke le kgothatse ho lwanela tumelo eo bahalaledi ba ileng ba e fuwa ka nako e le nngwe.
Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;