“Tsamaya, o ye Sarepeta e Sidone, o yo dula teng. Ke se ke laetse mosadi e mong wa mohlolohadi hona moo, hore a o fepe.”
Mattheu 21:3 - BIBELE mme ha motho a ka le botsa ho hong, le re ho yena: ‘Morena o a di hloka,’ mme o tla di lokolla hanghang.” Sesotho 1909/1961 (SO) Etlare ha motho a le botsa taba, le tle le re ho yena: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele. Baasraak Sotho NT Ekare ha motho a le bolella taba, le tle le re: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ekare ha motho a le bolella taba, le tle le re: Morena o a di hloka; mme o tla phakisa a di romele. |
“Tsamaya, o ye Sarepeta e Sidone, o yo dula teng. Ke se ke laetse mosadi e mong wa mohlolohadi hona moo, hore a o fepe.”
Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:
Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema.
Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,
Pesalema ya Davida. Lefatshe ke la Morena le tsohle tse ho lona, lefatshe le bohle ba ahileng ho lona.
a re ho bona: “Eyang motseng o kapele ho lona, mme le tla fumana tonki e holehilweng, e nang le petsana. Le di lokolle, le di tlise mona ho nna,
Hona ho ile ha etsahala hore ho tle ho phethahale se boletsweng ke moporofeta, ha a re:
jwalokaha o mo neile matla hodima batho bohle, hore bohle bao o mo neileng bona, a tle a ba nee bophelo bo sa feleng.
Hape ha a hloke ho sebeletswa ka matsoho a batho, jwaloka hoja a hloka ho hong, hobane ke yena ya neang bohle bophelo, moya le dintho tsohle.
Le tseba kamoo Morena wa rona Jesu Kreste a bileng mohau kateng; leha e ne e le morui, o ile a iketsa mofutsana ka baka la lona, hore ka bofutsana ba hae le tle le be barui.
Neo e nngwe le e nngwe e molemo, le mpho e nngwe le e nngwe e phethehileng, di tswa hodimo, di theoha ho Ramasedi, eo ho yena ho seng phetoho leha e le phifalo.
Saule le yena a ya ha hae, Gibea, mme bahlabani bao Morena a neng a ba kentse moyeng ba tsamaya le yena.