Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 1:1 - BIBELE

1 Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa ho qala Siruse, morena wa Persia, hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le boletsweng ke Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia; yaba o tumisa kahohle mmusong wa hae ka mokgosi le ka mangolo taba e reng:

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 1:1
23 Referencias Cruzadas  

Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema.


Empa bo-Serubabele, le Jeshua, le dihlooho tsa malapa a Iseraele, ba re ho dira tseo: “Le ke ke la haha Tempele ya Modimo wa rona le rona. Ke rona feela ba tla hahela Morena Modimo wa Iseraele Tempele, jwalokaha Siruse, kgosi ya Peresiya, a re laetse.”


Baholo ba Bajuda ba nna ba tswela pele ho haha, mme ba atleha ho ya kamoo bo-moporofeta Hagai le Sakariya, mora wa Ido, ba neng ba ba kgothatsa kateng. Ba haha Tempele, ba ba ba e qeta, ho ya ka taelo ya Modimo wa Iseraele, le ho ya ka ditaelo tsa Siruse, le Dariuse, le Aretaseresese, dikgosi tsa Peresiya.


Ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ba o keteka ka thabo. Morena o ne a ba thabisitse, a entse hore kgosi ya Asure e ba rate, e ba thuse ho haha Tempele ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


“Ka selemo sa pele sa puso ya hae, kgosi Siruse a etsa taelo malebana le Tempele ya Modimo e Jerusalema. Taelo eo e ne e re: ‘Ho hahwe Tempele, e leng sebaka seo ho tla nyehellwa mahlabelo ho sona, mme metheo ya yona e tiye. Bophahamo ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng, bophara ba yona e be dimethara tse mashome a mabedi a metso e supileng.


Yaba Esera o re: “Ho bokwe Morena Modimo wa bo-ntata rona, ya rutileng kgosi hore e lakatse ho kgabisa Tempele ya Morena e Jerusalema,


A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko.


Pelo ya kgosi e ka atleng tsa Morena, o e isa moo a ratang sa metsi a molatswana.


Ke nna ya reng ho Siruse: ‘O modisana wa ka, o tla phetha tsohle tseo ke di ratang; o tla re thako tsa Jerusalema di tsoswe, o re metheo ya Tempele e ralwe.’ ”


“Morena o bua tjena ho motlotsuwa wa hae, e leng Siruse eo ke utlileng tsoho la hae le letona, hore a kokobetse tjhaba tse kapele ho yena. Nna ke tla amoha dikgosi matla a ho lwana, ke bule mamati a kapele ho yena, menyako ya wona e se hlole e kwalwa.


Tsena ke dipolelo tsa Jeremia, mora wa Hilekiya, e mong wa baprista ba motse wa Anatote, o naheng ya Benjamine:


“Morena o bua tjena: ‘Ha dilemo tse mashome a supileng tse baletsweng Babilona di fela, ke tla le hopola, ke phethahatse tshepiso ya ka ya ho le hauhela ke le kgutlisetsa sebakeng sena.


Peresiya le Kushe le Pute di tla ba le bona, bohle ba le dithebe le dikatiba tsa tshepe,


Daniele a dula moo ho fihlela ka selemo sa pele sa puso ya kgosi Siruse.


Ka selemo sa bobedi sa puso ya hae, Nebukadenesare a lora toro e ileng ya mo tshwenya moyeng, bosiu a hlobaele.


Yaba kgosi Dariuse o ngolla ba ditjhaba tsohle, le ba merabe yohle, le ba dipuo tsohle, ba lefatsheng lohle, o re: “Kgotso e ke e le atele!


nna Daniele ka ithuta Mangolong a Halalelang, ka tseba hore ho ya ka lentswe la Morena, le neng le fihle ho moporofeta Jeremia, ho tla feta dilemo tse mashome a supileng Jerusalema e ntse e le lesupi.


A re: “Nna ke lentswe la ya howang feelleng, le reng: ‘Otlollang mmila wa Morena!’ “jwalokaha moporofeta Esaya a ne a bolele.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos