Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 1:5 - BIBELE

5 Jwale dihlooho tsa malapa a ba morabe wa Juda, le wa Benjamine, le baprista, le Balevi, le bohle bao Morena a neng a susumeditse meya ya bona, ba itokisetsa ho ya haha Tempele ya Morena Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Yaba dihlooho tsa matlo a bontata Juda le Benjamine, le baprista le Balevi, hammoho le bohle bao dipelo tsa bona di susumedistweng ke Jehova, ba tloha ho ya haha ntlo ya Jehova ya Jerusalema.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 1:5
11 Referencias Cruzadas  

Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a susumetsa kgosi eo hore e etse phatlalatso mmusong wohle wa yona, ho tle ho phethahale polelo ya Morena eo a neng a e bolele ka Jeremia. Kgosi ya e ngola, ya re:


Ka selemo sa pele sa puso ya Siruse, kgosi ya Peresiya, Morena a phethahatsa polelo eo a neng a e bolele ka Jeremia. Morena a susumetsa Siruse hore a etse phatlalatso ka lengolo, mme le romelwe mmusong wohle wa hae. Kgosi ya e ngola, ya re:


“Siruse, kgosi ya Peresiya, o bua tjena: ‘Morena Modimo wa mahodimo, o nneile mebuso yohle ya lefatshe, mme o ntaetse hore ke mo hahele Tempele Jerusalema, naheng ya Juda.


Bohle ba ntseng ba phela, hohle moo ba jakileng teng, baahi ba sebaka seo ba ke ba ba thuse ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dimpho tsa boithaopo, tsa Tempele ya Morena, e Jerusalema.’ ”


Ka tsoha hara bosiu ke ena le banna ba mmalwana. Ka se ke ka bolella motho, seo Modimo wa ka a itseng ke tlo se etsetsa motse wa Jerusalema. Ho ne ho se na phoofolo le e nngwe, haese eo ke neng ke e palame.


Pelo ya motho e rera merero, tseo a di buang di laolwa ke Morena.


Morena a susumetsa Serubabele, mora wa Shealetiele, mmusisi wa Juda; a susumetsa le Joshua, mora wa Jehosadake, Moprista e Moholo, le masalla wohle a setjhaba. Yaba ba a tla, ba qala ho haha Tempele ya Morena wa mabotho, Modimo wa bona.


A re leboheng Modimo ya kentseng mafolofolo a jwalo pelong ya Tite, ka baka la lona,


hobane ho rata le ho phetha ha lona ho sebetswa ka ho lona ke Modimo, ka ho ya ka boithatelo ba hae.


Motswalle, o se ke wa latela mehlala e mebe, o mpe o latele e metle. Ya etsang tse ntle ke wa Modimo; ya etsang tse mpe ha a eso ka a tseba Modimo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos