Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 1:6 - BIBELE

6 Bohle ba neng ba ahisane le bona ba ba thusa ka dintho tse entsweng ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, ntle ho dimpho tsa boithaopo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Bohle ba ahisaneng le bona ba ba thusa ka dipitsa tsa silefera le tsa kgauta, le ka mesebetsi, le ka dikgomo, le ka dintho tsa bohlokwa, kantle ho tsohle tse ntshitsweng ka ho rata.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 1:6
12 Referencias Cruzadas  

Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.


Bohle ba ntseng ba phela, hohle moo ba jakileng teng, baahi ba sebaka seo ba ke ba ba thuse ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dimpho tsa boithaopo, tsa Tempele ya Morena, e Jerusalema.’ ”


Ka letsatsi la bone, silefera, le kgauta, le thepa, tsa bewa sekaleng, ka Tempeleng ya Modimo wa rona, mme tsa newa Meremote, mora wa moprista Uriya. O ne a ena le Eleasare, mora wa Finease, mmoho le Balevi, e leng Josabada, mora wa Jeshua, le Nowadiya, mora wa Binui.


Bohle ba ne ba leka ho re tshosa, ba re: “Ba tla kgathala matla, ba nyehlise, mme mosebetsi o ke ke wa hlola o fela!” Empa ka rapela, ka re: “Oho, Modimo, ako mmatlafatse!”


A etsa hore bohle ba neng ba ba isitse bothopuweng ba ba utlwele bohloko.


Setjhaba sa hao se tla ithaopa, mohla o futuhelang dira tsa hao. Jwaloka phoka e lalang kameso, bahlankana ba tla tla ho wena maralleng a halalelang.


Bana ba Iseraele ba etsa ho ya kamoo Moshe a neng a ba laetse kateng, ba kopa Baegepeta hore ba ba fe dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo.


Morena a etsa hore Baegepeta ba hlomphe setjhaba sa Iseraele, mme ba se nea seo se se kopang. Ba siya Baegepeta ba se na letho.


Matlafatsang matsoho a fokolang, le tiise le mangwele a rerekelang;


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos