Esdrase 1:7 - BIBELE7 Le kgosi Siruse a ntsha thepa yohle ya Tempele ya Morena, eo Nebukadenesare a neng a ile a e nka Jerusalema, a e bea ka tempeleng ya medimo ya hae. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)7 Hape, morena Siruse a ntsha dipitsa tsa ntlo ya Jehova tse neng di nkilwe Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a di bea tlung ya modimo wa hae. Ver Capítulo |
Thepa e entsweng ka silefera, le e entsweng ka kgauta, e neng e le ka Tempeleng ya Modimo, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng a neng e le Jerusalema, a e isa tempeleng ya Babilona, yona thepa eo, kgosi Siruse o ile a e ntsha ka tempeleng ya Babilona, a e nea monna ya bitswang Sheshebasare, eo a neng a mmeile hore e be mmusisi.
O ikgohomoseditse Morena ya lehodimong. Ba o tliseditse dinwelo tse tswang ka Tempeleng ya hae, mme wena le mahosana a hao, le basadi ba hao, le basadi ba hao ba mafielo, le nweletse veine ka ho tsona. O ile wa rorisa medimo ya silefera, le ya kgauta, le ya lethose, le ya tshepe, le ya lehong, le ya lejwe, e sa boneng, e sa utlweng, e sa tsebeng letho. Empa ha o a ka wa tlotlisa Modimo eo bophelo ba hao le metsamao yohle ya hao e leng ka letsohong la hae.