Esdrase 1:8 - BIBELE8 Tsena tsohle kgosi Siruse a di bea tlasa taolo ya Miteredate, eo e neng e le ramatlotlo; yena a di balla Sheshebasare, kgosana ya Juda. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Siruse, morena wa Persia, a re, di ntshwe ke Mithredathe, mmoloki wa matlotlo; yaba eo o di nea Sheshebatsare, kgosana ya Juda. Ver Capítulo |
Thepa e entsweng ka silefera, le e entsweng ka kgauta, e neng e le ka Tempeleng ya Modimo, eo Nebukadenesare a neng a e nke ka Tempeleng a neng e le Jerusalema, a e isa tempeleng ya Babilona, yona thepa eo, kgosi Siruse o ile a e ntsha ka tempeleng ya Babilona, a e nea monna ya bitswang Sheshebasare, eo a neng a mmeile hore e be mmusisi.