Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Esdrase 1:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Siruse, morena wa Persia, a re, di ntshwe ke Mithredathe, mmoloki wa matlotlo; yaba eo o di nea Sheshebatsare, kgosana ya Juda.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

8 Tsena tsohle kgosi Siruse a di bea tlasa taolo ya Miteredate, eo e neng e le ramatlotlo; yena a di balla Sheshebasare, kgosana ya Juda.

Ver Capítulo Copiar




Esdrase 1:8
10 Referencias Cruzadas  

Mesebetsi yohle ya kgauta le ya silefera ya etsa dikete tse hlano tse nang le makgolo a mane. Ntho tseo tsohle, Sheshebatsare a ya le tsona, mohla baholehuwa ba Babilona ba kgutlisetswang Jerusalema.


ba ileng le Sorobabele: Ke Joshua, Nehemia, Seraia, Reelaia, Mordekai, Bilshane, Mispare, Bigvai, Rehume, le Baana. Palo ke ena ya banna ba setjhaba sa Iseraele:


Esita le mesebetsi ya kgauta le ya silefera ya ntlo ya Modimo, e neng e ntshitswe tempeleng ya Jerusalema ke Nebukadnesare, a ba a ya le yona, a e bea tempeleng ya Babilona, morena Siruse a e ntsha tempeleng ya Babilona, mme a e busetsa ho ya bitswang Sheshebatsare, ya beilweng mmusisi ke yena.


Sheshebatsare eo o ne a tle jwalo; ke yena ya theileng metheo ya ntlo ya Modimo e Jerusalema; ha e sa le mohlang oo e ntse e hahuwa jwalo; le jwale ha e eso ho fele.


Yaba Sorobabele, mora Salathiele, le Joshua, mora Jotsadake ba tsoha, ba boela ba qala ho haha ntlo ya Modimo e Jerusalema, ba ena le baporofeta ba Modimo ba ba tlatsang.


Ke tla kgalemela Bele Babilona, molomong wa hae ke ntshe seo a se metsitseng: ditjhaba ha di sa tla bokana teng, le hona marako a Babilona a tla heleha.


Ka selemo sa bobedi sa ho busa ha morena Dariuse, ka kgwedi ya botshelela, ka tsatsi la pele la kgwedi, lentswe la Jehova la tla ka moporofeta Haggai ho Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le ho Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, la re:


Yaba Jehova o tshosa moya wa Sorobabele, mmusisi wa Juda, mora Salathiele, le moya wa Joshua, moprista e moholo, mora Jotsadake, le moya wa masala wohle a setjhaba, mme ba ya, ba qala ho sebetsa ntlo ya Jehova wa makgotla, Modimo wa bona,


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos