Elwa ya hlahang lehwatateng ke mang, ya kang mosi o lopaletseng, ya noneditsweng ka mmira le mokubetso, tse tswakilweng ka dinoko tsohle tsa kgwebo?
Mattheu 21:10 - BIBELE Ha Jesu a kena Jerusalema, motse wohle wa hlokoleha. Batho ba botsa, ba re: “Eo ke mang?” Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse ha a kena Jerusalema, motse wohle wa hwerehana, wa re: Enwa ke mang na? Baasraak Sotho NT Eitse ha a kena Jerusalema, motse kaofela wa sisinyeha, wa re: Enwa ke mang? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a kena Jerusalema, motse kaofela wa sisinyeha, wa re: Enwa ke mang? |
Elwa ya hlahang lehwatateng ke mang, ya kang mosi o lopaletseng, ya noneditsweng ka mmira le mokubetso, tse tswakilweng ka dinoko tsohle tsa kgwebo?
Eo ya tswang Edomo ekaba ke mang, ya tswang Bosera aparo tsa hae di le kgubedu? Eo ya apereng tse ntlentle ekaba ke mang, ya hwantang ka bonatla bo boholo ba hae? “Ke nna ya buang ka tsa ho loka, ke nna ya nang le matla, matla a ho pholosa!”
Matshwele a neng a mo eteletse pele, le a neng a etla kamorao a howa, a re: “Hosanna ho Mora wa Davida! Ho bokwe ya tlang ka lebitso la Morena! Hosanna mahodimong a hodimodimo!”
ba mmotsa, ba re: “Re bolelle hore na ke ka matla afe o etsang tsena, kapa na ya o neileng matla ana ke mang?”
Yaba Ditsebi tsa Molao le Bafarisi ba qala ho buisana, ba re: “Eo ke mang ya nyefolang? Ke mang ya ka tsebang ho tshwarela dibe, haese Modimo a nnotshi na?”
Ba dutseng le yena ba qala ho re ka dipelong tsa bona: “Enwa ke mang, ya tshwarelang le dibe?”
Empa Heroda a re: “Johanne ke mo kgaotse hlooho. Jwale enwa ke mang eo ke utlwang ho bolelwa tse jwalo ka yena?” Yaba o batla ho mmona.
Ba tsamaya bobedi ba bona, ba ba ba ya fihla Betlelehema. Ha ba se ba fihlile Betlelehema, batho bohle ba motse ba ba bokanela, basadi ba kgotsa, ba re: “Na eo ke Naomi?”
Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”