Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 16:4 - BIBELE

4 Samuele a etsa seo Morena a mo laetseng sona, mme a fihla Betlelehema. Baholo ba motse oo ba mo kgahlanyetsa ba ntse ba thothomela, mme ba re: “Na o tlile ka kgotso?”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Samuele a etsa ka polelo ya Jehova; a ya Bethlehema. Ebile baholo ba motse ba mo kgahlanyetsa ba tshohile, ba re: Na o tlile ka kgotso na?

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 16:4
13 Referencias Cruzadas  

Ragele a shwa, mme a epelwa tseleng e lebang Eferata, e leng Betlelehema.


Hoba nna ke tlohe Padane, Ragele o ile a shwela matsohong a ka naheng ya Kanana, re le tseleng, haufi le Eferata. Ka mo epela teng, pela tsela ya Eferata, e leng Betlelehema.”


Ka lona letsatsi leo Davida a tshaba Morena, mme a re: “Ekaba areka ya Morena e tla ya jwang ha ka?”


Mosadi eo a re ho Elia: “Ekaba o ntsekisang, motho wa Modimo? Na o tletse hore sebe sa ka se hopolwe, mme moshanyana wa ka a shwe?”


Adoniya, mora wa Hagite, a ya ho Batesheba, mma Solomone. Batesheba a re ho yena: “Na o tla ka kgotso?” Adoniya a araba, a re: “Ke tla ka kgotso.”


Yare ha Jorame a bona Jehu, a re ho yena: “Jehu, na o tla ka kgotso?” Eo a mo araba, a re: “Kgotso e ka ba teng jwang, ha ho rapela medimo ya bohata ha mmao, le ho loya ha hae, ho atile hakaale?”


Etlare ha Morena a puruma sa tau, tjhaba sa hae se mo sale morao; etlare ha a puruma, bana ba hae ba tle, ba tle ba thothomela, ba etswa bophirima.


Kahoo ke le kgalemetse ka baporofeta ba ka, ka dipolelo tsa ka ka le timetsa, kahlolo tsa ka tsa le wela sa lehadima.


Le Josefa a nyoloha Galelea, motseng wa Nasaretha, a ya Judea, motseng wa Davida o bitswang Betlelehema, hobane yena e ne e le wa ntlo ya Davida le wa leloko la hae.


Ha Simone Petrose a bona hoo, a itihela mangweleng a Jesu, a re: “Morena, tloha ho nna, hobane ke motho wa moetsadibe!”


Yaba bongata bohle ba tikoloho ya Bagerasa bo kopa Jesu hore a tlohe ho bona, hobane ba ne ba tshohile haholo. A kena ka sekepeng a kgutla.


Davida a fihla Nobe, ho moprista Ahimeleke. Ahimeleke a tla a ntse a thothomela, a tlilo kgahlanyetsa Davida. A re ho Davida: “Ke ka baka lang ha o le mong, o se na le motho e mong?”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos