Mattheu 2:22 - BIBELE Empa ha a utlwa hore Arekelaose o hlahlamile ntatae Heroda boreneng ba Judea, a tshaba ho ya teng. Hoba a lemoswe torong, a tshabela seterekeng sa Galelea, Sesotho 1909/1961 (SO) Empa, eitse hobane a utlwe ha ho thwe, Arkelause o busa Judea, tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; mme ha a senoletswe ke Modimo ka toro, a kgutlela naheng ya Galelea. Baasraak Sotho NT Eitse ha a utlwa hore Arkelause o busa Judea tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a utlwa hore Arkelause o busa Judea tulong tsa ntatae Heroda, a tshaba ho ya teng; |
elang hloko lerako la yona, rako la yona la tshireletso, hlahlobang matlo a yona a bokgosi, le tle le phetele moloko o tlang, le re:
Leha le ka kgelohela ka tsohong le letona kapa ka ho le letshehadi, le tla utlwa lentswe le le nyenyeletsa, le re: “Ena ke yona tsela, tsamayang ka yona.”
Yare a sa hopotse jwalo, lengeloi la Morena la iponahatsa ho yena torong, la re: “Josefa, mora Davida, o se ke wa tshaba ho inkela Maria mohatsa hao, hobane se emotsweng ke yena se tswa ho Moya o Halalelang;
Hoba Jesu a tswallwe Betlelehema e Judea, mehleng ya kgosi Heroda, ha fihla Jerusalema Ba Bohlale ba tswang botjhabela,
Yaba Jesu o fihla nokeng ya Jorodane a etswa Galelea, a tla ho Johanne hore a kolobetswe ke yena.
Ha ba se ba phethile tsohle ka ho ya ka Molao wa Morena, ba kgutlela Galelea, motseng wa habo bona, wa Nasaretha.
Ba mo araba, ba re: “Na le wena o tswa Galelea? Fuputsa, mme o tla bona hore ha ho moporofeta ya tswang Galelea.”
Samuele a re: “Ke tla ya jwang? Haeba Saule a ka utlwela taba ena o tla mpolaya!” Morena a re: “O tle o nke sethole, o re: ‘Ke tlile ho etsetsa Morena sehlabelo.’