Mattheu 19:27 - BIBELE Yaba Petrose o re ho yena: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela. Ekaba re tla ba le eng?” Sesotho 1909/1961 (SO) Jwale, Petrose a bua, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme re o latetse; re tla ba le eng ka hona? Baasraak Sotho NT Petrose a araba, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme ra o latela; re tla ba le eng jwale? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Petrose a araba, a re ho yena: Bona, rona re tlohetse tsohle, mme ra o latela; re tla ba le eng jwale? |
Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella, mohla tsohle di ntjhafatswang, ha Mora Motho a dutse teroneng e tlotlehang ya hae, le lona ba ntatetseng le tla dula diteroneng tse leshome le metso e mmedi, le ahlole meloko e leshome le metso e mmedi ya Iseraele.
Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.
Yare ha a feta a bona Levi, mora wa Alefiose, a dutse tlung ya lekgetho, mme a re ho yena: “Ntatele!” A ema, mme a mo latela.
Ka mokgwa o jwalo, e mong le e mong ho lona, ya sa teleng maruo a hae wohle, e ke ke ya eba morutuwa wa ka.”
Empa a araba, a re ho ntatae: ‘Bona, ke o sebeleditse dilemo tse kanakana, ke bile ke eso ka ke tlola le taelo ya hao, feela ha o eso nnee le potsanyane, hore nke ke keteke le metswalle ya ka,
Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa?
A bua ka mmae le ntatae, a re: “Ha ke eso mmone le ho mmona!” Esita le bana babo a ba latola, le bana ba hae a se ke a ba tseba. Ba hlokometse lentswe la hao, selekane sa hao ba se boloka.
Ho feta mona ke nka tsohle e le tahlehelo, ha ke di bapisa le seo e leng sa bohlokwa, e leng ho tseba Kreste Jesu, Morena wa ka. Ka baka la hae ke tetse tsohle, mme ke di nka e le manyala, e le hore ke tle ke rue Kreste,