Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:29 - BIBELE

29 e le hore ho se be mang kapa mang ya ka ithorisang pela Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 hore ho tle ho se ke ha eba nama, leha e le nngwe, e ithorisang pela wona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 hore ho se be nama e ka ithorisang pela hae.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Hore ho se be nama e ka ithorisang pela hae.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:29
11 Referencias Cruzadas  

Nka tshoha eng nakong tse mpe, ha ke teetswe hare ke dira tse kgopo,


Na selepe se ka ithorisetsa, ya rathang ka sona, kapa yona sakga ya ithorisetsa, ya sakgang ka yona? Na molamu o ka nonya ya o phahamisang, kapa kotjane ya tsokotsa motho e se lehong?


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


Ka baka leo, nka ithorisa ka Kreste Jesu tshebeletsong ya Modimo.


Jwale re tseba hore tsohle tseo Molao wa Moshe o di bolelang, o di bolella ba leng tlasa Molao oo, hore ho se be ya ka itatolang, mme lefatshe lohle le tle le be tlasa kahlolo ya Modimo.


Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.


Haeba Aborahama a lokafaditswe ka baka la diketso tsa hae, o na le seo a ka ithorisang ka sona, empa a ke ke a ithorisa pela Modimo.


Ka tsela ena, ho ya kamoo ho ngotsweng kateng: “Ya ithorisang a ithorise ka Morena.”


Ana wena ke mang ya o nkelang hodimo? Ke eng eo o nang le yona, eo o sa e fuwang ke Modimo? Jwale haeba o e filwe, o ithorisetsang jwalokaha e ka ha o a e fuwa?


Boithoriso ba lona ha bo a loka. Na ha le tsebe hore tomoso e seng kae e lomosa hlama kaofela?


hase ho tswang mesebetsing ya lona, esere e mong wa lona a ithorisa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos