Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:28 - BIBELE

28 ba eisehang le ba nyedisehang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile: o kgethile tseo e seng letho ho fedisa tse leng teng,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Hape, Modimo o ikgethetse mafeela a lefatshe, le tse songwang, le tse leng siyo, o tle o tsietse tse leng teng,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

28 Mme Modimo o ikgethetse ditakatso tsa lefatshe, le tse nyatsehang, le tse seng teng, hore o nyedise tse teng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

28 Mme Modimo o ikgethetse ditakatso tsa lefatshe, le tse nyatsehang, le tse seng teng, hore o nyedise tse teng.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:28
19 Referencias Cruzadas  

O thuakanya bo-ramonatla ho se na nyewe, tulong tsa bona ebe o bea ba bang.


Mahlomola a ya kgopo a mangata, athe ya tshepileng Morena o teetswe hare ke mohau wa hae.


Moikakasi o tla kokobetswa, baikgohomosi bona ba nyenyefatswe, mohlang oo ke Morena feela, ya tla phahamela tsohle.


Boikgantsho ba motho bo tla kokobetswa, boikgohomoso ba hae bo fediswe, mohlang oo ke Morena feela ya tla phahamela tsohle;


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Leha o ka tsoma dira tsa hao, ha o ka ke wa ba wa di fumana. Batho ba o futuhelang ka ntwa ba tla tshwana le lefeelafeelane,


jwalokaha ho ngotswe, ho thwe: “Ke o entse ntata ditjhaba tse ngata.” Ke ntata rona pela Modimo eo a dumetseng ho yena, ya tsosang bafu, le ya laelang tse siyo jwaloka hoja di le teng.


Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?


Leha ho le jwalo, re bua tsa bohlale hara ba hodileng tumelong, empa hase tsa bohlale ba lefatshe lena, kapa ba babusi ba lefatshe lena ba shwang.


Ke fetohile sethoto, hobane ke lona ba ntlamileng ho ba jwalo. Ke ne ke lokela ho pakwa ke lona, etswe leha ke se letho, baapostolahadi bao ha ba mphete ka letho.


“Jwalokaha Morena a ne a thabele ho le atlehisa, le ho le ngatafatsa, ka mokgwa o jwalo Morena o tla thabela ho le timetsa, mme le tla tloswa lefatsheng leo le yang ho lona hore e be la lona.


hore Ya Kgopo a tle a senolehe. Jwale Morena Jesu o tla mo fedisa ka ho mo budula ka molomo feela, mme a mo timetse ka kganya eo a tla tla ka yona.


Erekaha bana bao e le batho ba nama le madi ka ho tshwana le yena, o tshwana le bona ka nama le madi, e le hore ka lefu la hae a tle a ripitle ya nang le matla hodima lefu, e leng Diabolosi.


Empa leruo le lekaalo le fedisitswe, la fediswa ka nako ya hora feela!’ “Batsamaisi bohle ba dikepe, le bohle ba nkang maeto ka dikepe, le basesisi ba tsona, le bohle ba phelang ka ho sebetsa lewatleng, ba ne ba eme hole.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos