Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




Luka 15:29 - BIBELE

29 Empa a araba, a re ho ntatae: ‘Bona, ke o sebeleditse dilemo tse kanakana, ke bile ke eso ka ke tlola le taelo ya hao, feela ha o eso nnee le potsanyane, hore nke ke keteke le metswalle ya ka,

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Yena a araba, a re ho ntatae: Bona! Ke o sebeleditse dilemo tse kalo, ke sa tlole ditaelo tsa hao, mme ha o eso ho nnee le potsanyane hore ke thabe le metswalle ya ka.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

29 Mme a araba ntatae, a re: Bona, ke o sebeleditse ka dilemo tse ngata, mme ha ke eso ka ke tlola taelo ya hao le ka mohla o le mong;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

29 Mme a araba ntatae, a re: Bona, ke o sebeleditse ka dilemo tse ngata, mme ha ke eso ka ke tlola taelo ya hao le ka mohla o le mong;

Ver Capítulo Copiar




Luka 15:29
23 Referencias Cruzadas  

Ke tjhaba se reng: ‘Emella thokwana, o se atamele ho rona, hobane rona re halalela haholo, re halalela ho o feta!’ Batho ba jwalo ba nkga sa mosi nkong tsa ka, ba ka mollo o qetang tsatsi lohle o tuka.


le ho ya botsa baprista ba Tempele ya Morena wa mabotho, le baporofeta, ba re: “Na re tshwanela ho lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha re nnile ra etsa ka dilemo tse ngatangata?”


“Le itse: ‘Ha ho thuse letho ho sebeletsa Modimo. Morena wa mabotho o re buseletsa ka eng ha re phetha ditaelo tsa hae, mme re inyatsa?


ba re: ‘Bana ba ho qetela ba sebeditse hora e le nngwe feela, empa o ba lekantse le rona ba ileng ba sebetsa ka thata letsatsi lohle hara motjheso.’


“A halefa, a hana ho kena. Ntatae a tswa, a mo rapela.


empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng!’


Ke a le bolella hore ka baka la moetsadibe a le mong ya bakang, thabo e jwalo e tla ba teng lehodimong, e fetang e bang teng ka baka la ba lokileng ba mashome a robong a metso e robong ba sa hlokeng pako.”


Ka mokgwa oo le lona, ha le entse tsohle tseo le di laetsweng, ereng: ‘Re bahlanka ba se nang thuso, re entse seo re neng re tshwanetse ho se etsa.’ ”


Le ba bang ba neng ba itshepa hore ba lokile, mme ba nyedisa ba bang, Jesu a ba bolella setshwantsho sena, a re:


Ke o tshabile, hobane o motho ya thata: o nka seo o sa kang wa se bea, mme o kotula seo o sa kang wa se jala.’


Ka ho se tsebe kamoo Modimo a lokafatsang batho kateng, mme ka ho batla ho thea ho loka hoo e leng ha bona, ha ba a ka ba ikokobetsa tlasa ho loka ho tswang ho Modimo,


Ka baka leo, ha ho motho ya ka lokafatswang pela Modimo ka ho phetha Molao, hobane ke ka Molao re nang le tsebo e tletseng ya sebe.


Ha ho le jwalo, ho ka ithorisetswang? Le letho! Ka eng? Na ke ka diketso? Tjhe, ke ka tumelo.


Pelepele, ho eso be le Molao, ke ne ke ikutlwa ke phela, empa ha taelo e se e le teng, sebe sa qala ho phela,


“Ya nang le ditsebe a ke a utlwe seo Moya o Halalelang o se bolellang dikereke. Ya hlolang ke tla mo nea tokelo ya ho ja manna a patilweng. Ke tla mo nea lejwe le lesweu, mme lejweng leo ho tla ngolwa lebitso le letjha, leo ho seng motho ya le tsebang, haese feela ya le amohelang.”


“O re: ‘Ke morui, ke ruile, ha ke hloke letho;’ empa ha o tsebe hore o soto, o madimabe, o futsanehile, o foufetse, mme o feela.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos