Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”
Mattheu 19:26 - BIBELE Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.” Sesotho 1909/1961 (SO) Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ha e le batho, ke ntho e ba sitang, empa Modimo ha o sitwe ke letho. Baasraak Sotho NT Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ho batho hoo ha ho kgonehe; empa ho Modimo tsohle di a kgoneha. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Jesu a ba tadima, a re ho bona: Ho batho hoo ha ho kgonehe; empa ho Modimo tsohle di a kgoneha. |
Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”
Phofo e ka lefiswaneng, le ole e ka lekukeng, tsa fela tsa se ke tsa fela, jwalokaha Morena a ne a boletse ka molomo wa Elia.
Thusa, Morena! O mpholose, Modimo wa ka, wena ya jabelang dira tsa ka tsohle marameng, ya pshatlang mehlaare ya ba kgopo.
Se tshepeng ho hanyapetsa batho, se ithetseng ka ho ikgapela maruo, ka ho ikgapela maruo a ba bang; leha maruo a lona a ka eketseha, se beeng pelo tsa lona ho wona.
“Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.
Morena wa mabotho o bua tjena: “Leha ka nako eo masalla a setjhaba sena a ka bona e ka hona ke mohlolo, empa ho nna hase mohlolo,” ho rialo Morena wa mabotho.
Yaba Morena o re ho Moshe: “Na ho na le se ka sitang Morena? Jwale o tla bona hore na lentswe la ka le tla phethahala kapa tjhe.”
Yaba Petrose o re ho yena: “Bona, re tlohetse tsohle, ra o latela. Ekaba re tla ba le eng?”
Jesu a ba tadima, mme a re: “Hona ho sita batho, e seng Modimo, hobane Modimo ha a sitwe ke letho.”
ho ke ke ha etsahala hore bao, ha ba ka kweneha, ba boele ba ntjhafatswe ka pako. Ke ba boetseng ba thakgisa Mora wa Modimo ka bobona, mme ba mo etsa sekgobo.
Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”