Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:6 - BIBELE

6 Morena wa mabotho o bua tjena: “Leha ka nako eo masalla a setjhaba sena a ka bona e ka hona ke mohlolo, empa ho nna hase mohlolo,” ho rialo Morena wa mabotho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Leha taba eo e ka ba thata mahlong a masala a setjhaba sena, matsatsing ao, na le mahlong a ka e ka ba thata, ho botsa Jehova wa makgotla?

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:6
13 Referencias Cruzadas  

Na ho na le se ka sitang Morena? Isao, ka yona nako ena, ke tla boela ke o etela, mme Sara o tla be a se a ena le mora.”


Jwale lehosana leo kgosi e neng e itshetlehile ka lona la araba moporofeta wa Modimo, la re: “Hona ho ke ke ha etsahala, esita leha Morena a ka nesa pula hona jwale!” Elisha a re: “Mamela mona! Hoo o tla ho bona ka mahlo a hao, empa dijo tseo wena o ke ke wa di ja!”


ke Morena ya entseng hona, mme mahlong a rona ke mohlolo.


“Oho, Morena Modimo, o entse lehodimo le lefatshe ka matla a hao a maholo, le ka letsoho la hao le otlolohileng, mme ha ho letho le ka o sitang.


“Bona mona, ke nna Morena Modimo wa batho bohle; na ho teng se ka ntshitang?


Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”


Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua ho fihlela letsatsi leo ditaba tsena di tla etsahala ka lona, hobane ha o a ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla phethahala ka nako ya tsona.”


hobane ha ho letho leha le le leng le ka sitang Modimo.”


Jesu a re: “Tse sitang batho ha di site Modimo.”


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos