Sakaria 8:5 - BIBELE5 Bashanyana le banana ba tla tlalatlala diterateng tsa motse, ba bapalle hona teng.” Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)5 mapatlelo a motse a tla tlala bashanyana le banana ba bapalang mapatlelong a wona. Ver Capítulo |
ho tla boela ho utlwahala mehoo ya thabo le ya nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le mantswe a binang, ha ba tlisa nyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena, ba re: “ ‘Lebohang Morena wa mabotho, hobane Morena o lokile, mohau wa hae ke wa kamehla yohle,’ “hobane ke tla kgutlisa bathopuwa ba naha ena, mme ba tla ba jwaloka pele, ho rialo Morena.
Tsoha, o howeletse hara bosiu, o howeletse ha balebedi ba qala ho santela; tse ka pelong ya hao o di tsholle jwaloka metsi, o di tshollele kapele ho Morena. Phahamisa matsoho a hao, o a phahamisetse ho Morena, o a phahamise ka baka la bana ba hao, bana ba hao ba bolawang ke tlala, e ba bolaya hara diterata tsohle.