Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Sakaria 8:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 mapatlelo a motse a tla tlala bashanyana le banana ba bapalang mapatlelong a wona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

5 Bashanyana le banana ba tla tlalatlala diterateng tsa motse, ba bapalle hona teng.”

Ver Capítulo Copiar




Sakaria 8:5
11 Referencias Cruzadas  

Ba tla tla, ba etse ditlatse tsa thabo diphahameng tsa Sione; ba tla mathela melemo ya Jehova, e leng koro, le veine, le ole, le tse tswetsweng ke dinku le ke dikgomo; meya ya bona e tla ba jwaloka serapa se noseditsweng, mme ha ba sa tla swaba.


Ke moo barwetsana ba tla nyakalla mehobelong le bahlankana le maqheku hammoho, mme ke tla fetola maswabi a bona thabo, ke ba tshedise, ke ba thabise bakeng sa bohloko ba bona.


Bonang, ho bolela Jehova, ho tla matsatsi ao ka wona ke tlang ho jalla ntlo ya Iseraele le ntlo ya Juda peo ya batho le peo ya dikgomo.


ho sa tla utluwa teng lentswe la thabo le lentswe la nyakallo, le lentswe la monyadi le lentswe la monyaduwa, le lentswe la ba reng: Lebohang Jehova wa makgotla, hobane Jehova o molemo, hobane mohau wa hae ke o sa feleng, ha ba ntse ba tlisa diteboho tsa bona tlung ya Jehova. Hobane ke tla busetsa ba hapilweng ba lefatshe lena, ba be jwaloka mehleng ya pele, ho bolela Jehova.


Tsoha, o dumadume ka bosiu, qalong ya tebelo; o tsholle pelo ya hao jwaloka metsi pela sefahleho sa Morena! Emisetsa diatla tsa hao ho yena, bakeng sa bophelo ba bana ba banyenyane ba hao ba shwang ke tlala koung tsa mapatlelo wohle.


la re ho lona: matha, o bolelle mohlankana enwa, o re: Jerusalema o tla ahuwa jwaloka naha e phatlaletseng ka baka la bongata ba batho le ba diphoofolo tse ho wona;


Hobane ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ka ho re ho bonahatswe kganya ya hae a nthomileng ho ditjhaba tse le hapileng; hobane ya le amang o ama thaka ya leihlo la hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos