Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Samuele 14:6 - BIBELE

6 Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae.

Ver Capítulo Copiar




1 Samuele 14:6
31 Referencias Cruzadas  

“Le se ke le e bolela Gate, le se e phatlalatse terateng tsa Ashekelone, esere baradi ba Bafilesita ba nyakalla, baradi ba maqai ba didietsa.


Mohlomong Morena o tla bona matshwenyeho a ka, mme ka letsatsi lena a mputse ka botle bakeng sa mahlapa ana a Shimei.”


Mohlomong Morena Modimo wa hao, o tla utlwa mantswe a molaodi wa ntwa, eo monga hae, kgosi ya Asiria, a mo rommeng ho nyedisa Modimo ya phelang, mme a mo otle. Ka baka leo, rapella ba ntseng ba phela.’ ”


Asa a tswa ho ya mo kgahlanyetsa, ditheko tsa tadimana di le ka kgohlong ya Sefata, haufi le Maresha.


Yaba Asa o ipiletsa ho Morena Modimo wa hae, o re: “Morena, ke ntho e nyenyane ho wena ho thusetsa ya fokolang ho ya matla. Re thuse Morena Modimo wa rona, hobane re o tshepile. Re futuhela lebothohadi lena ka lebitso la hao. Oho, Morena, o Modimo wa rona, ho se be motho ya ka o hlolang.”


Morena o etsa tsohle tseo a di ratang, mahodimong le lefatsheng, mawatleng le madibeng wohle.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


“Bonang, matsatsi a a tla,” ho rialo Morena, “matsatsi ao ka wona ke tla otla bohle ba bolotseng nameng feela:


e leng Baegepeta, Bajuda, Baedomo, Baamone, Bamoabe le bohle ba phelang mahwatateng, dibakeng tse hole. Ditjhaba tsena tsohle ha di a bolla; le bohle ba ntlo ya Iseraele ha ba a bolotsa dipelo tsa bona.”


Hloyang bokgopo, le rate tse molemo, ka makgotleng le ahlole ka toka, mohlomong Morena, Morena Modimo wa mabotho, a ka hauhela masalla a Josefa.


Lona ba ikokobetsang ba lefatshe, lona ba mamelang taelo ya Morena, batlang Morena, le mmatlisise. Batlang ho loka, le batle boikokobetso; mohlomong le ka sireletseha mohla tsatsi la kgalefo ya Morena.”


Lengeloi la araba, le re: “Morena o bua tjena ho Serubabele: ‘Hase ka dikgoka kapa ka matla o tlang ho atleha, empa ke ka Moya wa ka,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Haeba o eya le rona, molemo oo Morena a re etsetsang wona, le rona re tla o etsetsa wona.”


Le tla ntsha banna ba sekete morabeng o mong le o mong wa merabe yohle ya Iseraele, hore ba ye ntweng.”


Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”


Jwale re tla reng ka ditaba tsee? Ha Modimo a eme le rona, ke mang ya ka re lwantshang?


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


Ba lebollo la nnete ke rona, ba rapelang Modimo ka moya, ba ithorisang ka Jesu Kreste. Ha re a tshepa tsa botho.


Ka baka leo he, nnee naha ena e maralla eo Morena a neng a bue ka yona mohla letsatsi leo. Etswe wena o ne o ikutlwele ka lona letsatsi leo, hore Baanake ba phela moo, mme metse ya bona ke ya metonana, ya diqhobosheane. Mohlomong Morena o tla ba le nna ha ke le moo, mme ke ba leleke teng, jwalokaha Morena a buile.”


Samosone o ne a nyorilwe haholo, mme a ipiletsa ho Morena, a re: “Ka letsoho la mohlanka wa hao o fane ka tlholo ena e kgolohadi! Ebe jwale ke tla shwa ke lenyora? Kapa ke tla wela matsohong a maqai?”


Lefaru le leng le ne le le ka leboya, le tobane le Mikemase, le leng le le ka borwa, le tobane le Geba.


Mojari wa dihlomo tsa hae a re ho yena: “Etsa seo o ratang ho se etsa. Tswele pele; seo o se ratang, le nna ke a se rata.”


Davida a bua ho banna ba neng ba eme pela hae, a re: “Monna ya ka bolayang Mofilesita eo, mme a tlosa sekgobo hara Baiseraele, o tla putswa kang? Mofilesita eo wa leqai yena ke mang, a ka tlakang mabotho a Modimo ya phelang?”


Mohlanka wa hao o se a ile a bolaya tau le bere. Mofilesita enwa wa leqai o tla shwa jwaloka e nngwe ya tsona, hobane o tlakile mabotho a Modimo ya phelang.”


Kajeno lena Modimo o tla neelana ka wena matsohong a ka; ke tla o bolaya, ke be ke o kgaole hlooho! Ka ditopo tsa mabotho a Bafilesita ke tla fepa dinonyana tsa lehodimo, le dibatana tsa naha, e le hore lefatshe lohle le tle le tsebe hore Modimo o teng Iseraeleng.


Le letshwele lena lohle le tle le tsebe hore Morena ha a pholose ka sabole le lerumo feela, hobane ntwa ena ke ya Morena, mme o tla neelana ka lona matsohong a rona.”


Yaba Saule o re ho mojari wa dihlomo tsa hae: “Nka sabole ya hao, o ntlhabe, esere maqai ana a fihla a nqetela, mme ka tlontloloha.” Empa mojari wa dihlomo tsa hae a hana, hobane o ne a tshohile haholo. Ka baka leo, Saule a nka sabole ya hae, a itihela hodima yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos