1 Samuele 14:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)6 Jonathane a re ho mohlankana ya jereng dibetsa tsa hae: A re ye, re tshelele ho ya qhobosheaneng ya maqai ano; mohlomong Jehova a ka re thusa; hobane ha ho kamoo Jehova a ka sitwang kateng, ho pholosa ka ba bangata, leha e le ka ba seng bakae. Ver CapítuloBIBELE6 Yaba Jonathane o re ho mohlankana ya neng a jere dihlomo tsa hae: “Tloo, re tshelele moo maqai ana a laletseng teng; mohlomong Morena o tla re thusa, hore re a hlole, ebang re bangata kapa re mmalwana, hobane ha ho letho le ka sitang Morena.” Ver Capítulo |
Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.