Biblia Todo Logo
La Biblia Online

- Anuncios -




BaHebheru 6:6 - BIBELE

6 ho ke ke ha etsahala hore bao, ha ba ka kweneha, ba boele ba ntjhafatswe ka pako. Ke ba boetseng ba thakgisa Mora wa Modimo ka bobona, mme ba mo etsa sekgobo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 bao ha ba ka wa, ha ho kamoo ba ka boelang ba ntjhafatswa kateng, hore ba boele ba bake, hobane ba boela ba ithakgisetsa Mora Modimo, ba mo etsetsa nyediso.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

6 Haeba ba ka kweneha, ho ba ntjhafaletsa pakong; ka ha ba boela ba thakgisa Mora wa Modimo, mme ba mo hlabisa dihlong pepeneneng.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

6 Haeba ba ka kweneha, ho ba ntjhafaletsa pakong; ka ha ba boela ba thakgisa Mora wa Modimo, mme ba mo hlabisa dihlong pepeneneng.

Ver Capítulo Copiar




BaHebheru 6:6
17 Referencias Cruzadas  

Etsa hore ke utlwe mehoo ya thabo, ke utlwe le mehoo ya nyakallo, ditho tsa ka di tle di hlasimolohe, ditho tseo o di robileng.


Mahlabaphiyo le baetsadibe ba tla ripitlwa, ba furaletseng Morena ba tla timela.


Jesu a ba tadima, a re ho bona: “Hona ho sita batho, empa Modimo ha a sitwe ke letho.”


Kahoo le dipaki, mme le dumellana le diketso tsa bo-ntata lona, hobane bona ba ile ba ba bolaya, athe lona le haha diemahale tsa bona.


A rute bahanyetsi ka bonolo. Mohlomong Modimo a ka ba fa hore ba bake, ba tsebe nnete,


Ha re etsa dibe ka boomo, empa re se re fumane tsebo ya nnete, ha ho sa na sehlabelo se ka tlosang dibe tseo;


Ha le nahana, kotlo e tla ba boima hakaakang, e lokelang ya hataketseng Mora wa Modimo, ya tlontlolotseng madi a selekane ao a hlwekisitsweng ka wona, ya nyefotseng Moya wa Modimo o mohau!


Re tadimeng ho Jesu, moqadi le mophethahatsi wa tumelo ya rona. Ke yena eo, ka baka la thabo eo a neng a e lebeletse, a ileng a mamella mahloko a sefapano, a se ke a natsa ho tlontlollwa ka sona, mme jwale o dutse ka letsohong le letona la terone ya Modimo.


Erekaha re ena le Moprista e Moholo, ya hlompehang, ya keneng lehodimong, e leng Jesu, Mora wa Modimo, a re boleleng tumelo ya rona re tiile.


Ba kileng ba bontshwa lesedi, ba latswa neo ya lehodimo, ba abelwa Moya o Halalelang,


Ho ka be ho bile molemo ho bona, hoja ba ne ba sa ka ba tseba tsela ya ho loka, ho ena le hore, ha ba se ba e tsebile, ba kwenehele ditaelo tse halalelang tseo ba di neilweng.


Ha motho a bona ngwanabo a etsa sebe se sa bolayeng, a mo rapelle, mme Modimo o tla mo fa bophelo. Ke bua ka ba etsang sebe se sa bolayeng. Sebe se teng se bolayang; hase seo ke reng motho a rapelle ngwanabo ka baka la sona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos