Mattheu 19:23 - BIBELE Jesu a re ho barutuwa ba hae: “Ruri ke a le bolella: Ho tla ba thata hore morui a kene Mmusong wa mahodimo. Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba Jesu o bolella barutuwa ba hae, a re: Kannete ke re ho lona: Ho thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo. Baasraak Sotho NT Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Kannete ke re ho lona: Ho tla ba thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba Jesu o re ho barutuwa ba hae: Kannete ke re ho lona: Ho tla ba thata ho morui ho kena mmusong wa mahodimo. |
Peo e jetsweng meutlweng ke ya utlwang lentswe, feela dikgathatso tsa mehla ya jwale le thetso ya maruo di bipetsa lentswe, le nyope.
a re: “Ruri ke re ho lona, ha le sa fetohe la tshwana le bana, le ke ke la kena Mmusong wa mahodimo.
“Ke ofe ho bao ba babedi ya entseng thato ya ntatae?” Ba re: “Ke wa pele.” Jesu a re ho bona: “Ruri ke a le bolella: Balekgetho le diotswa ba tla kena Mmusong wa Modimo pele ho lona.
Ke a le bolella, ha ho loka ha lona ho sa fete ha Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, ha le ka ke la kena Mmusong wa mahodimo.”
Jesu a qamaka, mme a re ho barutuwa ba hae: “Ho tla ba thata hakaakang hore ba nang le maruo ba kene Mmusong wa Modimo!”
Eitse ha Jesu a bona hore o swabile haholo, a re: “Ho thata hakaakang ho barui ho kena Mmusong wa Modimo!
Jesu a araba, a re ho yena: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe botjha, a ke ke a bona Mmuso wa Modimo.”
Jesu a araba, a re: “Kannetenete, ke a o bolella, ha motho a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, a ke ke a kena Mmusong wa Modimo.
Ba matlafatsa dipelo tsa barutuwa, ba ba kgothaletsa ho tiisetsa tumelong, ba re: “Eka kgona re kene Mmusong wa Modimo ka ho feta hara matshwenyeho a mangata.”
Jwale, bana beso, hopolang hore na le ne le le jwang mohla Modimo a le bitsang. Ho ya ka botho feela, ho ne ho se ba bangata ba lona ba bohlale, ba matla kapa ba madi a borena.
Empa lona le hlompholotse mofutsana. Na hase barui ba le hatellang, ba le hulelang makgotleng?