Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:26 - BIBELE

26 Jwale, bana beso, hopolang hore na le ne le le jwang mohla Modimo a le bitsang. Ho ya ka botho feela, ho ne ho se ba bangata ba lona ba bohlale, ba matla kapa ba madi a borena.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Banabeso, le lemoheng hle ho bitswa ha lona, hobane ba bohlale ka mokgwa wa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Bana beso, le lemohe pitso ya lona hore ha se ba bangata ba bohlale ka mokgwa wa nama, ha ho ba bangata ba matla, ha ho batlotlehi ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Bana beso, le lemohe pitso ya lona hore ha se ba bangata ba bohlale ka mokgwa wa nama, ha ho ba bangata ba matla, ha ho batlotlehi ba bangata.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:26
24 Referencias Cruzadas  

Naamane a kena ka ho monga hae, a mmolella, a re: “Morwetsanyana enwa ya tswang naheng ya Iseraele o bua tjena.”


Ka baka leo, batho bohle ba a mo tshaba, bo-tsebanyane bohle ha a ba natse.”


Tjhaba se mosa, se ikokobetsang, se tla o salla se ntse se phela, se ntse se phela, se tshepile Morena.


le nna, hoba ke fuputse ditaba tseo ka hloko ho tloha tshimolohong, ke fumane ho le molemo ho o ngolla tsona ka tlhatlhamano, Theofile ya kgabane,


Ka yona nako eo, Jesu a nyakalatswa ke Moya o Halalelang, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse masea. E, Ntate, hobane o kgahlilwe jwalo.


Yare ha mmusisi a bona se etsahetseng, a dumela, a makalla thuto ya Morena.


E ne e le lehlahana la mmusisi Seregiose Paulosi, monna ya sedi. Mmusisi enwa a bitsa Baranabase le Saule, hobane a ne a rata ho utlwa lentswe la Modimo.


Empa banna ba bang ba mo kgomarela, ba dumela. Hara bona ho ne ho ena le Dionisiose, setho sa lekgotla la Areopagose, le mosadi ya bitswang Damarise, ba ena le ba bang.


hobane Modimo ha a kwenehele bao a ba sitsitseng, le bao a ba bitsitseng.


Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?


Tsena ha re di bolele ka mantswe a rutwang ka bohlale ba motho, empa re di bolela ka mantswe a rutwang ke Moya o Halalelang, ka ho hlalosetsa ba nang le Moya o Halalelang ditaba tsa moya.


Ke boo ho seng le ya mong wa babusi ba lefatshe lena ya kileng a bo tseba hobane, hojane ba ne ba bo tsebile, ba ka be ba sa ka ba thakgisa Morena wa tlotla.


Badumedi bohle ba a le dumedisa, haholoholo ba sebetsang tlung ya Sesare.


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


Nna, moholo wa Kereke, ke dumedisa mofumahadi ya kgethilweng, le bana ba hae, bao ke ba ratang kannete. Ha ba ratwe ke nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebang nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos