Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:27 - BIBELE

27 Empa bao e leng dithoto ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba bohlale. Ba fokolang ho lefatshe, Modimo o ba kgethile ho swabisa ba matla;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Empa Modimo o ikgethetse tse hlanyang tsa lefatshe, o tle o swabise tse bohlale; mme tse fokolang tsa lefatshe, Modimo o ikgethetse tsona, o tle o swabise tse matla.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

27 Empa Modimo o ikgethetse tse booatla tsa lefatshe ho soabisa tse bohlale; mme Modimo o ikgethetse tse fokolang tsa lefatshe, hore o tle o swabise tse matla;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

27 Empa Modimo o ikgethetse tse booatla tsa lefatshe ho soabisa tse bohlale; mme Modimo o ikgethetse tse fokolang tsa lefatshe, hore o tle o swabise tse matla;

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:27
27 Referencias Cruzadas  

Morena, monga rona, lebitso la hao le tlotleha hakaakang, le tlotleha lefatsheng lohle! Kganya ya hao, e kahodimo ho mahodimo,


Kahoo tjhaba sena ke tla boela ke se makatsa, ke se etsetsa dimakatso tse ngata. Bohlale ba bahlalefi ba sona bo tla fela, kelello ya ba nang le kelello e nyamele.”


Baikokobetsi ba tla boela ba thabela Morena, mafutsana a thabele Ya Halalelang wa Iseraele.


Ke nna ya nyopisang dipontsho tsa baporofeta ba bohata, ya fetolang dinohe e be dithoto, ya nyopisang tsebo ya bahlalefi, a e fetole lefeelafeelane.


Bahlalefi, dihlong di ba hlabile, ba tsielehile, ba feletswe ke meelelo. Lentswe la Morena ba le lahlile; ebe jwale ba na le bohlale bofe?


Tjhaba se mosa, se ikokobetsang, se tla o salla se ntse se phela, se ntse se phela, se tshepile Morena.


Tonki ya re ho Bileame: “Na ha ke tonki ya hao, eo esaleng o e palama haesale o tswalwa, ho fihlela kajeno? Na ke nne ke o etse tjee?” Bileame a re: “Tjhe.”


Ka nako eo, Jesu a tswela pele, a re: “Ke a o boka, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, hobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba sedi, mme o di senoletse ba jwaloka bana.


Ba re ho yena: “Na o ntso utlwa seo ba se bolelang?” Jesu a re ho bona: “E, ke a utlwa. Na ha le eso bale moo ho thweng: ‘O itokiseditse thoko ka melomo ya bana le ya masea?’ ”


Ha Jesu a fetela pele, a bona monna ya bitswang Matheu a dutse tlung ya lekgetho. A re ho yena: “Ntatele!” Matheu a ema, mme a mo latela.


hobane ke tla le nea mantswe le bohlale boo bahanyetsi bohle ba lona ba tla sitwa ho bo hanyetsa le ho bo lwantsha.


Jwale bahlalefi ba bang ba Baepikure le ba Basetoike ba ngangisana le yena, mme ba bang ba re: “Ekaba moberaberi eo o rata ho reng?” Ba bang bona ba re: “E ka ka ke mmuelli wa medimo esele,” hobane o ne a bolela molaetsa o molemo wa Jesu le wa tsoho ya bafu.


“Moshe enwa, eo ba neng ba mo latole, ba re: ‘Ke mang ya o entseng mmusi le moahlodi?’ ke yena eo Modimo a mo romileng ka thuso ya lengeloi, le iponahaditseng sehlahleng, ho ba mmusi le molopolli.


Yare ha ba utlwa tsena, dipelo tsa bona tsa hlabeha, mme ba mo tsikitlanyetsa meno.


Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?


Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.


Rona ha re a amohela moya wa lefatshe, empa re amohetse Moya o tswang ho Modimo, hore re tle re tsebe tseo re di filweng ke Modimo ka mohau wa hae.


hobane e mong o re: “Ruri mangolo a hae a boima, a matla, empa ha a le teng ka seqo ke dikobo feela, le puo ya hae e a nyediseha.”


Empa rona re ka dipitsa tsa letsopa tse tshetseng letlotlo lena, hore matla ao a fetisisang e be a Modimo, e seng a rona.


Mamelang, bana beso ba ratehang. Na hase Modimo ya kgethileng bao e leng mafutsana mahlong a lefatshe, hore e be barui tumelong, le majalefa a Mmuso oo a o tshepisitseng ba mo ratang?


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos