Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:25 - BIBELE

25 Seo e kang ke bothoto ba Modimo, ke bohlale bo fetang ba motho, mme seo e kang ke bofokodi ba Modimo, ke matla a fetang a motho.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Hobane bohlanya ba Modimo bo fetisa bohlale ba batho, le ho fokola ha Modimo ho fetisa matla a batho.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Hobane bothoto ba Modimo bo bohlale ho feta batho; mme bofokodi ba Modimo bo matla ho feta batho.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Hobane bothoto ba Modimo bo bohlale ho feta batho; mme bofokodi ba Modimo bo matla ho feta batho.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:25
16 Referencias Cruzadas  

Ha Faro a se a lokolotse setjhaba, Modimo ha a a ka a se tsamaisa ka tsela ya Filesitia, leha e ne e le haufi, hobane Modimo o ne a re: “Mohlomong setjhaba se ka tshoha se kweneha ha se bona ntwa, mme sa kgutlela Egepeta.”


Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo,


Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.


Motho ya buswang ke botho ha a amohele tsa Moya wa Modimo, hobane ho yena tseo ke bothoto. Le ho di tseba a ke ke a di tseba, hobane di hlalohanngwa ka Moya o Halalelang feela.


Rona re dithoto ka baka la Kreste, empa lona le bohlale ka ho ba ho Kreste. Rona re a fokola, empa lona le matla. Lona le a hlomphuwa, empa rona re a hlomphollwa.


Ke nnete, bofokoding ba hae, o ile a thakgiswa, empa, ka matla a Modimo, o a phela. Le rona re fokola jwaloka Kreste, empa, ka matla a Modimo, re tla phela le yena, ho le sebeletsa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos