Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:24 - BIBELE

24 Empa ho ba bitsitsweng ke Modimo, e ka ba Bajuda kapa Bagerike, Kreste eo ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Empa ho ba bitsitsweng, Bajuda le Bagerike, ke Kreste, matla a Modimo, le bohlale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Empa ho ba bitsitsweng, Bajuda le Bagerike, ke Kreste, matla a Modimo, le bohlale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:24
14 Referencias Cruzadas  

Na ebe bohlale ha bo howe? Kutlwisiso yona ha e phahamise ntswe la yona?


Ka baka leo, Modimo, ka bohlale ba hae, o ile a re: ‘Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba bang ba bona ba tla bolawa, le ho hloriswa,


Empa bohlale ba Modimo bo netefatswa ke bohle ba bo neilweng.”


Ha ke hlajwe ke dihlong ho bolela molaetsa o molemo, hobane wona ke matla a Modimo, a pholosang mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena moditjhaba.


athe ho ya ka Moya wa kgalalelo ho ile ha bolelwa, ka tsoho ya hae bafung, hore ke Mora ya matla wa Modimo, Jesu Kreste, Morena wa rona.


Ke dumedisa ba leng Roma, bao Modimo a ba ratang, ba bitseditsweng ho ba bahalaledi, ke re: Mohau le kgotso ya Modimo Ntata rona le ya Morena Jesu Kreste di ke di be le lona.


e leng rona bao a ba bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba.


Ho bua ka sefapano ke bothoto ho ba yang timelong; athe ho rona ba yang pholohong ke matla a Modimo,


re dumedisa kereke ya Modimo e Korinthe, e leng batho ba halaleditsweng ho Kreste Jesu, ba bitseditsweng hore e be bahalaledi, mmoho le bohle ba rapelang Morena wa rona Jesu Kreste kae kapa kae, yena eo e leng Morena wa rona le wa bona, re re:


Ke ka Modimo le leng ho Kreste Jesu, eo Modimo a mo entseng bohlale ba lona, le ho loka ha lona, le kgalalelo ya lona, le topollo ya lona.


Modimo ya le bitseditseng ho ba le kabelo bophelong ba Mora wa hae, Jesu Kreste, Morena wa rona, o a tshepahala.


Ke ho yena Kreste moo matlotlo wohle a bohlale le a tsebo a patilweng teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos