Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:24 - Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Empa ho ba bitsitsweng, leha e le ba Bajuda, leha e le ba Bagerike, Kreste ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

24 Empa ho ba bitsitsweng ke Modimo, e ka ba Bajuda kapa Bagerike, Kreste eo ke matla a Modimo le bohlale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

24 Empa ho ba bitsitsweng, Bajuda le Bagerike, ke Kreste, matla a Modimo, le bohlale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

24 Empa ho ba bitsitsweng, Bajuda le Bagerike, ke Kreste, matla a Modimo, le bohlale ba Modimo.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:24
14 Referencias Cruzadas  

Ana bohlale ha bo howe na? Le kutlwisiso ha e phahamise lentswe la yona na?


E sa le ka baka leo bohlale ba Modimo bo boletsweng, ba re: Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba tla bolaya ba bang ho bona, ba hlorise ba bang;


Empa bohlale bo ipaketswe ke bana ba jona bohle.


Hobane ha ke na dihlong tsa ho bolela Evangeli, hobane ke matla a Modimo a ho pholosa mang le mang ya dumelang, Mojuda pele, le yena Mogerike.


ya bonahaditsweng ka matla hoba ke Mora wa Modimo, ka Moya o Halalelang, ka ho tsoha ha hae bafung;


lona bohle bao le leng Roma, baratuwa ba Modimo, ba bitsitsweng, ba halalelang, ke re: A le ke le newe mohau le kgotso ke Modimo, Ntata rona, le ke Morena Jesu Kreste.


Ke kahoo o re bitsitseng, e seng hara Bajuda feela, empa le hara baditjhaba;


Hobane polelo ya sefapano ke bohlanya ho ba timelang; empa ho rona ba bolokehang, ke matla a Modimo.


ke ngolla kereke ya Modimo e Korinthe, e leng ba halaleditsweng ho Jesu Kreste, ba bileditsweng ho halalela, hammoho le bohle ba rapelang nqalong tsohle lebitso la Morena wa rona Jesu Kreste, e leng Morena wa bona le wa rona;


Mme ke ka wona lona le leng ho Jesu Kreste, ya entsweng ke Modimo bohlale ba rona, le ho loka ha rona, le kgalalelo ya rona, le topollo ya rona:


Modimo, o le bileditseng kopanong le Mora wa wona Jesu Kreste, Morena wa rona, o hlile o a tshepeha.


eo matlotlo kaofela a bohlale le a tsebo a patilweng ka ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos