Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




1 Bakorinthe 1:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Banabeso, le lemoheng hle ho bitswa ha lona, hobane ba bohlale ka mokgwa wa nama ha ba bakae, le ba matla ha ba bakae, le ba baholo ha ba bakae.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

26 Jwale, bana beso, hopolang hore na le ne le le jwang mohla Modimo a le bitsang. Ho ya ka botho feela, ho ne ho se ba bangata ba lona ba bohlale, ba matla kapa ba madi a borena.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

26 Bana beso, le lemohe pitso ya lona hore ha se ba bangata ba bohlale ka mokgwa wa nama, ha ho ba bangata ba matla, ha ho batlotlehi ba bangata.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

26 Bana beso, le lemohe pitso ya lona hore ha se ba bangata ba bohlale ka mokgwa wa nama, ha ho ba bangata ba matla, ha ho batlotlehi ba bangata.

Ver Capítulo Copiar




1 Bakorinthe 1:26
24 Referencias Cruzadas  

Yaba Naamane o ya tsebisa monga hae, a re: Morwetsana wa fatshe la Iseraele o buile ka hore le hore.


Ka baka leo, batho ba tshwanetse ho hlonepha Modimo; haele wona, ha o tadime le a mong ho ba bohlale.


Ke tla siya kahare ho wena setjhaba se kokobetseng, se fokolang, mme ba tla tshepa lebitso la Jehova.


le nna, eitse hobane ke botsisise ditaba tsohle ho tloha ho hlaheng ha tsona, ke re, ho a ntshwanela hore ke o ngolle tsona ka lenaneo la tsona, Theofile ya kgabane,


Ka yona nako eo, Jesu a inyakallela moyeng, a re: Ke a o rorisa, Ntate, Morena wa lehodimo le wa lefatshe, kahobane ditaba tsena o di patetse ba bohlale le ba kelello, mme o di senoletse masea. Ho jwalo, Ntate, hobane ke kamoo o ithatetseng kateng.


Mmusisi yare ha a bona se hlahileng, a dumela, a makaditswe ke thuto ya Morena.


O ne a na le mmusisi Sergiuse Pauluse, monna ya hlalefileng. Eo a bitsa Barnabase le Saule, a lakatsa ho utlwa lentswe la Modimo.


Empa banna ba bang ba mo kgomarela, ba dumela; hara bona ho ne ho le le Denise wa Areopago, le mosadi e mong ya bitswang Damarise, ba ena le ba bang.


Hobane dineo tsa Modimo le pitso ya wona ha di na ho kwenehelwa ke wona.


Ya bohlale o kae na? Ya matla Mangolong o kae na? Mopheakgang wa mehla ena o kae na? Na Modimo ha o a ka wa etsa bohlale ba lefatshe lena bohlanya na?


Mme re di bolela, e seng ka dipolelo tse rutwang ke bohlale ba batho, empa e le ka tse rutwang ke Moya o Halalelang; mme re lokisetsa ba moya tsa Moya.


e leng boo ho seng le a mong wa marena a lefatshe lena ya bo tsebileng; hobane, hojane a bo tsebile, a ka be a sa ka a thakgisa Morena wa kganya sefapanong.


Bahalaledi bohle ba le dumedisa, empa haholo bao e leng ba ntlo ya Sesare.


Utlwang, banabeso ba ratwang! Na Modimo ha o a ka wa kgetha bafumanehi ba lefatshe lena, hore e be ba ruileng tumelong, le majalefa a mmuso oo o o baletseng ba o ratang?


Nna, moholo, ke ngolla mofumahadi wa mokgethwa le bana ba hae, bao ke ba ratang nneteng — mme hase nna feela, empa ba ratwa le ke bohle ba tsebileng nnete —


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos