Ya lokileng o a atleha, o atleha jwaloka sefate sa palema, o hola jwaloka sefate, fate sa kedare ya Lebanone.
Mattheu 15:13 - BIBELE A ba araba, a re: “Semela se seng le se seng se sa lengwang ke Ntate ya mahodimong se tla motsulwa. Sesotho 1909/1961 (SO) A araba, a re: Setlama se seng le se seng se sa hlongwang ke Ntate ya mahodimong, se tla fotholwa. Baasraak Sotho NT Empa a araba, a re: Semela se seng le se seng seo Ntate wa lehodimo a sa se jalang, se tla fotholwa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa a araba, a re: Semela se seng le se seng seo Ntate wa lehodimo a sa se jalang, se tla fotholwa. |
Ya lokileng o a atleha, o atleha jwaloka sefate sa palema, o hola jwaloka sefate, fate sa kedare ya Lebanone.
Tjhaba sa hao sohle e tla ba sa ba lokileng, naha e be lefa la sona la kamehla yohle, e be lehlomela le hlomilweng ke nna, e be mosebetsi wa matsoho a ka, oo ke tlotliswang ka wona.
ho nea ba Sione ba leng bofifing moqhaka o kgabane bakeng sa molora, ole ya thabo bakeng sa bofifi, seaparo sa thoriso bakeng sa maswabi, ba tle ba bitswe fate tsa ho loka, tse lenngweng ke Morena hore a tle a tlotliswe.
Yaba barutuwa ba tla ho yena, ba re: “Na o a tseba hore Bafarisi ba kgopisitswe ke seo o ileng wa se bua?”
Lekala le leng le le leng le ho nna le sa beheng ditholwana, o a le poma, mme le leng le le leng le behang ditholwana, o a le faola, hore le tle le behe ditholwana tse ngata ho feta.
Ha motho a sa dule ka ho nna, o lahlelwa kantle jwaloka lekala, mme a omelle. Makala a a bokellwa, a lahlelwe mollong, a tjhe.
Ke bona ba silafatsang mekete ya lona ya Bakreste ka ho ja ba se na dihlong, ba hopotse dimpa tsa bona feela. Ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya. Ke difate tse sa beheng, esita le ka nako ya hwetla, tse shweletseng ruri, tse fothotsweng.