Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 15:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 A araba, a re: Setlama se seng le se seng se sa hlongwang ke Ntate ya mahodimong, se tla fotholwa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

13 A ba araba, a re: “Semela se seng le se seng se sa lengwang ke Ntate ya mahodimong se tla motsulwa.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

13 Empa a araba, a re: Semela se seng le se seng seo Ntate wa lehodimo a sa se jalang, se tla fotholwa.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

13 Empa a araba, a re: Semela se seng le se seng seo Ntate wa lehodimo a sa se jalang, se tla fotholwa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 15:13
11 Referencias Cruzadas  

Haele moo ba hlomilwe ka tlung ya Jehova, ba atleha mabaleng a Modimo wa rona; ba sa tla bea le boqhekung ba bona;


Setjhaba sa hao etlaba sa ba lokileng feela, ba tla rua lefatshe ka ho sa feleng; ke lehlomela leo ke le hlomileng, ke mosebetsi wa kganya ya ka.


ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.


Jwale, barutuwa ba mo atamela, ba re ho yena: Na o a tseba hobane bafarisi ba ile ba hlonama ha ba utlwa polelo ya hao na?


Ke nna sefate sa nnete sa morara, mme molemi ke Ntate.


Lekala le leng le le leng le ho nna, le sa beheng, o a le rema; mme le leng le le leng le behang, o a le hlahola hore le tle le eketse ho beha.


Ekare ha motho a sa dule ho nna, o lahlelwa ntle, jwaloka lekala, mme o a omella; mme makala a omeletseng a ye a rwallwe, a lahlelwe mollong, a tjhe.


Hobane re ba sebetsang le Modimo, mme lona, le boleme ba Modimo, le mohaho wa Modimo.


Bao ke dikodi meketeng ya lona ya lerato, ha ba ntse ba eja le lona; ba kgora hampe, ba se na dihlong; ke maru a se nang pula, a fefolwang ke moya; ke difate tse hlohlorehileng, tse sa beheng, tse shweleng habedi, tse fothotsweng;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos