Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 15:14 - BIBELE

14 Ba tloheleng, ke difofu tse tataisang difofu tse ding. Haeba sefofu se tataisa sefofu se seng, bobedi di tla wela ka lengopeng.”

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

14 Ba tloheleng: ke baetapele ba difofu ba difofu. Mme ekare ha sefofu se tsamaisa sefofu, di tla wela ka mokoting ka bobedi.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

14 Ba tloheleng: ke baetapele ba difofu ba difofu. Mme ekare ha sefofu se tsamaisa sefofu, di tla wela ka mokoting ka bobedi.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 15:14
19 Referencias Cruzadas  

Baegepeta ke batho ba nama, hase modimo, pere tsa bona ke tsa nama, hase tsa moya. Ha Morena a otlolla tsoho la hae, ya thusetsang o a kgothometseha, ya thusetswang ebe yena o a wa, bobedi ba bona ebe ba a timela.


Sefofu ke mang haese mohlanka wa ka, kapa ya tsebetutu jwaloka moromuwa wa ka? Ke mang ya foufetseng jwaloka ya ikabetseng nna, ya foufetseng jwaloka mohlanka wa Morena?


Balebedi ba Iseraele ba foufetse, ha ba na tsebo, ke ntja tsa dimumu, ha di tsebe ho bohola, di a robala, di bothe, di ithatela boroko.


Baetapele ba tjhaba sena ba a se kgelosa, ebe ba tsamaiswang bona ba a timela.


Baporofeta ba porofeta leshano, baprista ba kgema le baporofeta, tjhaba sa ka se rata ha taba di eme jwalo. Le tla etsang ha tsee di fihla qetellong?”


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela hara ba weleng, mohla ke ba otlang ba tla timela,” ho rialo Morena.


Na ba ke ba be dihlong ha ba entse manyala? Le ho ka! Ho hang ho bona dihlong ha di yo! Le ho pudufallwa ha ba pudufallwe; kahoo ba tla wela kahara ba weleng; mohla ke ba otlang ba tla timela, ho rialo Morena.


Efraime o kgomaretse medingwana, mo leseng, le mo tlohele.


Empa lona le kgelohile tsela ena, la ba la kgelosa ba bangata ka thuto ya lona; selekane sa Balevi le se fetotse lefeela,” ho rialo Morena wa mabotho.


A ba bolella le setshwantsho, a re: “Na sefofu se ka tsamaisa sefofu? Ana di ke ke tsa wela lengopeng bobedi ba tsona?


Yaba Jesu o re: “Ke tletse kahlolo lefatsheng lena, hore ba sa boneng ba bone, mme ba bonang ba foufale.”


diqabang tse sa feleng tsa batho ba senyehileng dikelello, ba hlokang nnete, ba lekanyang hore borapedi ke mokgwa wa ho ithuisa.


Setjhabeng sa Iseraele le teng ho bile le baporofeta ba bohata. Ka mokgwa o jwalo ho tla ba le baruti ba bohata hara lona, ba tla tlisa ka sekgukgu dithuto tse kgelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ya ba lopoletseng, mme ka hona ba itlisetse timelo ka potlako.


Batho bao ba jwaloka didiba tse psheleng, ba jwaloka maru a fefolwang ke sefefo; ba boloketswe lefifi le letsho.


Sebatana sa tshwarwa hammoho le moporofeta wa bohata, ya ileng a etsa mehlolo kapele ho sona, mme ka yona a kgelosa ba neng ba ena le letshwao la sebatana, ba ileng ba kgumamela setshwantsho sa sona. Bobedi ba bona ba akgelwa letsheng le tukang mollo wa sebabole ba ntse ba phela.


Kantle ho tla sala dintja, le baloi le dihlola, le babolai, le ba kgumamelang medimo ya bohata, le bohle ba ratang leshano, ba etsang tseo e seng tsa nnete.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos