Mattheu 13:35 - BIBELE e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: “Ke tla bua le bona ka ditshwantsho, ke bolele tse neng di patehile haesale fatshe le thewa.” Sesotho 1909/1961 (SO) hore ho etsahale polelo ya moporofeta, ya itseng: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho, ke pepese ditaba tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa. Baasraak Sotho NT E le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho; ke tla bolela tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 E le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho; ke tla bolela tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa. |
Bonang, tsa pele di se di fetile, jwale ke le bolella tse ntjha; ke le phatlalletsa tsona di eso etsahale.”
Ruri Morena Modimo ha a ke a etsa letho a eso senole morero wa hae, a o senolela bahlanka ba hae, bahlanka ba hae, baporofeta.
“Ke moo ho phethahalang ho bona boporofeta ba Esaya bo reng: “ ‘Ho utlwa le tla utlwa, empa le ke ke la utlwisisa; ho sheba le tla sheba, empa le ke ke la bona.
“Jwale Kgosi e tla re ho ba ka ho le letona: ‘Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue Mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa,
“Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng le bona ba be hona teng, hore ba bone tlotla ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile ho eso thewe lefatshe.
Re bua ka tsa bohlale ba Modimo, boo e leng sephiri, bo patehileng, boo Modimo a bo hlotseng le lefatshe le eso be teng, hore e be tlotla ya rona.
Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang.
le ho bontsha batho bohle kamoo Modimo a phethahatsang morero wa hae wa sephiri kateng. Haesale Modimo, Mmopi wa tsohle, a patile sephiri seo sa hae,
Mehleng ya kgale Modimo o ile a bua le bo-ntata rona ka baporofeta, ka makgetlokgetlo, ka mekgwa e mengata,
Se tla kgumamelwa ke baahi bohle ba lefatshe, bao, ho tloha ha lefatshe le thewa, mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo, ya Konyana e hlabilweng.
Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla.