Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:35 - Baasraak Sotho NT

35 E le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho; ke tla bolela tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

35 hore ho etsahale polelo ya moporofeta, ya itseng: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho, ke pepese ditaba tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

35 e le hore ho tle ho phethahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: “Ke tla bua le bona ka ditshwantsho, ke bolele tse neng di patehile haesale fatshe le thewa.”

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

35 E le hore ho tle ho etsahale ho boletsweng ke moporofeta, ha a re: Ke tla ahlamisa molomo wa ka ka ditshwantsho; ke tla bolela tse neng di patilwe haesale lefatshe le thewa.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:35
24 Referencias Cruzadas  

Mme ho phethahala ho bona boporofeta ba Esaia bo reng: Ho utlwa le tla utlwa, mme le ke ke la utlwisisa; le bona le tla bona, mme le ke ke la bona;


A bua le bona dintho tse ngata ka ditshwantsho, a re: “Bonang, mojadi o ile a tswa ho ya jala.


Ke moo Morena a tla re ho ba ka letsohong la hae le letona: Tloong, lona ba hlohonolofaditsweng ke Ntate, le rue mmuso oo le o lokiseditsweng haesale lefatshe le thewa.


A ahlamisa molomo wa hae, a ba ruta, a re:


Empa kahlolo e tla ba bonolo bakeng sa Tire le Sidone ho feta bakeng sa lona.


Ntate, bao o nneileng bona, ke rata hore moo ke leng teng, le bona ba be le nna; hore ba tle ba bone kganya ya ka, eo o nneileng yona, hobane o nthatile pele lefatshe le thewa.


Mesebetsi yohle ya hae e tsejwa ke Modimo ho tloha tshimolohong ya lefatshe.


Empa re bolela bohlale ba Modimo e leng sephiri, e leng bohlale bo patilweng, boo Modimo o bo lokisitseng pele ho mehla ya lefatshe, e tle e be kganya ya rona.


Seo mehleng e meng se sa kang sa tsebiswa bana ba batho, jwalokaha se se se senoletswe baapostola ba hae ba halalelang le baporofeta ka Moya;


le ho tsebisa batho bohle kamano ya sephiri seo ho tloha tshimolohong ya lefatshe le neng le patilwe ho Modimo o hlodileng dintho tsohle ka Jesu Kreste.


Modimo o kile wa bua mehleng ya kgale, le ka mekgwa e mengata, le bontata rona ka baporofeta;


Mme bohle ba ahileng lefatsheng ba tla se kgumamela, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ya Konyana e hlabilweng ho tloha ho theweng ha lefatshe.


Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; mme ba tla nyoloha sekoting, ba ye tahlehong: mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala, ha ba bona sebata se neng se le teng, mme se le teng. ha e yo, mme leha ho le jwalo e teng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos