Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:3 - BIBELE

3 A le bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: “Mojadi o ile a tswa ho ya jala.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Yaba o ba bolella ditaba tse ngata ka ditshwantsho, a re: Bonang, mojadi o ne a tswile ho ya jala.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 A bua le bona dintho tse ngata ka ditshwantsho, a re: “Bonang, mojadi o ile a tswa ho ya jala.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 A bua le bona dintho tse ngata ka ditshwantsho, a re: “Bonang, mojadi o ile a tswa ho ya jala.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:3
27 Referencias Cruzadas  

Molomo wa ka o tla bua tsa bohlale, pelong ya ka ke tla nahana tse nang le kelello.


Molomong wa ka ho tla tswa maele, ke bolele dilotho tsa boholoholo.


“Wena ngwana motho, etsa selotho, mme o phetele ba ntlo ya Iseraele papiso.


Yaba ke re: “Oho, Morena Modimo! Ba ntse ba bua ka nna, ba re: ‘Na ha a ipolelle ditshwantsho feela?’ ”


Mohla tsatsi leo ba tla le soma, ba le binele kodi-ya-malla ba re: ‘Re fela re faladitswe, Morena o re amohile naha ya rona, a e abela bathopi ba rona.’ ”


“Kaofela ha bona ba tla mo nyedisa, ba mo nyahanye, ba mo nyefole, ba re: ‘Ho madimabe ya ipokellelang tsa boshodu, ya ithuisang ka ho hanyapetsa batho! Hoo ho tla ba jwalo ho fihlela neng?’


Ha a ntsa jala, peo e nngwe ya wela ka tseleng, mme dinonyana tsa tla, tsa e ja.


Yare hoba Jesu a qete ho bolela ditshwantsho tsena, a tloha moo,


Jesu a boela a bua le bona ka ditshwantsho, a re:


“Ithuteng ka setshwantsho sa sefate sa feiye. Ha lekala la sona le nolofala, le fuputsa mahlaku, le ye le tsebe hore lehlabula le haufi.


Jesu a qala ho bua le bona ka ditshwantsho, a re: “Motho o ile a lema tshimo ya morara, a e teela hare ka lerako, a tjheka setlhotlelo hara yona, a ba a haha le kalana ya molebedi. A e nea balemi ho e lema seahlolo, yaba o a eta.


Jwale ba batla ho mo tshwara, ba mpa ba tshaba letshwele, hobane ba ne ba utlwisisa hore ka setshwantsho sena o bolela bona. Ba mo tlohela, ba ikela.


Yaba o ba bitsetsa ho yena, mme a re ho bona ka ditshwantsho: “Satane a ka leleka Satane jwang?


Yaba o re ho bona: “Na ha le utlwisise setshwantsho see? Ekaba ditshwantsho tsohle le tla di utlwisisa jwang?


A ba ruta lentswe ka ditshwantsho tse ngata tse kang sena, ho ya kamoo ba neng ba ka utlwisisa kateng.


Jwale Petrose a re: “Morena, na setshwantshong see o bua ka rona, kapa o bua ka bohle?”


A re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa Modimo, empa ba bang ba neilwe ka ditshwantsho hore, “ ‘leha ba bona, ba se ke ba bona, mme leha ba utlwa, ba se ke ba utlwisisa.’ ”


“Ke buile ditaba tsena ho lona ka dipapiso; nako e a tla eo ka yona ke sa tlo hlola ke bua ho lona ka dipapiso, empa ke tla le tsebisa Ntate ka mokgwa o totobetseng.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos