Tshenolo 17:8 - BIBELE8 Sebatana seo o se boneng se ne se le teng, empa ha se sa le yo; feela se sa tla nyoloha mohohlong o se nang pheletso, ebe se ya timelong. Baahi ba lefatshe, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo ho tloha ha lefatshe le thewa, ba tla hlollwa ha ba bona sebatana, hobane se ne se le teng, feela ha se sa le yo, empa se tla kgutla. Ver CapítuloSesotho 1909/1961 (SO)8 Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; se se se tla nyoloha sekoting, se ntoo ya tahlehong; mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala ha ba bona sebata, hobane se ne se le teng, mme ha se yo, athe se tla boela se be teng. Ver CapítuloBaasraak Sotho NT8 Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; mme ba tla nyoloha sekoting, ba ye tahlehong: mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala, ha ba bona sebata se neng se le teng, mme se le teng. ha e yo, mme leha ho le jwalo e teng. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 20248 Sebata seo o se boneng se ne se le teng, mme ha se yo; mme ba tla nyoloha sekoting, ba ye tahlehong: mme ba ahileng lefatsheng, bao mabitso a bona a sa kang a ngolwa bukeng ya bophelo haesale lefatshe le thewa, ba tla makala, ha ba bona sebata se neng se le teng, mme se le teng ha e yo, mme leha ho le jwalo e teng. Ver Capítulo |
“Kamora tsena, diponong tsa ka tsa bosiu, ka boela ka bona sebatana sa bone, se tshabehang, se tshosang, se matla ka ho fetisisa. Se ne se ena le meno a maholo, a tshepe. Sa harola, sa tsekolla, mme ho setseng sa ho hatakela ka maoto a sona. Se ne se sa tshwane le dibatana tse ding tseo ke neng ke ile ka di bona pele, se bile se ena le manaka a leshome.