Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 17:9 - BIBELE

9 “Mona ho batleha kelello e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi eo a ahileng hodima tsona. Hape ke dikgosi tse supileng;

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke mona ho hlokwang kutlwisiso e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Mme mona ke kelello e nang le bohlale. Dihloho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme mona ke kelello e nang le bohlale. Dihloho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 17:9
10 Referencias Cruzadas  

Empa wena Daniele, mantswe a Buka ena o a etse pinyane, o e bitiele ho fihlela mehla ya bofelo. Ba bangata ba tla e phenyaphenya, kahoo tsebo ya bona e eketsehe.”


Ya bohlale ke mang? Tsena o tla di hlokomela. Ya masene ke mang? Yena o tla di utlwisisa. Ditsela tsa Morena di nepahetse, ba lokileng ba tla tsamaya ka tsona, baetsadibe ba kgothometsehe ho tsona.


A ba araba, a re: “Lona le neilwe ho tseba diphiri tsa Mmuso wa mahodimo, athe bona ha ba a ho newa.


“Ha le bona Manyala a Tshenyeho a eme Sebakeng se halalelang, kamoo ho ileng ha bolelwa kateng ke moporofeta Daniele, mmadi a utlwisise se bolelwang!


Jwale ka bona ho nyoloha lewatleng sebatana se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome, le mefapahlooho e leshome dinakeng tsa sona; dihloohong tsa sona ho ngotswe mabitso a nyefolang.


Mona ho batleha bohlale. Ya nang le kelello a hlalose se bolelwang ke palo eo ya sebatana. Palo eo e emetse lebitso la motho, mme palo eo ke makgolo a tsheletseng le mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.


Mosadi eo o mmoneng ke motse o moholo, o busang dikgosi tsa lefatshe.”


Lengeloi leo la nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya palameng sebatana se sefubedu, se ngotsweng kamahohle mabitso a nyefolang, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.


Yaba lengeloi le re ho nna: “O hloletswe keng? Ke tla o hlalosetsa sephiri sa mosadi, le sa sebatana seo a se palameng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos