Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Tshenolo 17:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ke mona ho hlokwang kutlwisiso e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 “Mona ho batleha kelello e nang le bohlale. Dihlooho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi eo a ahileng hodima tsona. Hape ke dikgosi tse supileng;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

9 Mme mona ke kelello e nang le bohlale. Dihloho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

9 Mme mona ke kelello e nang le bohlale. Dihloho tse supileng ke dithaba tse supileng, tseo mosadi a dutseng hodima tsona.

Ver Capítulo Copiar




Tshenolo 17:9
10 Referencias Cruzadas  

Wena Daniele, o kwahele taba tseo, o manehe buka ena ka tiiso ho isa nakong ya bofelo; ba bangata ba tla e bala, mme tsebo e tla eketseha.


Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.


A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


Jwale, etlare ha le bona manyala a bofediso, a boletsweng ke moporofeta Daniele, a eme nqalong e halalelang — ya balang a lemohe! —


Yaba ke bona sebata se nyolohang lewatleng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome; dinakeng tsa sona se ne se rwetse meqhaka e leshome; mme dihloohong tsa sona ho ne ho ngodilwe mabitso a nyefolang Modimo.


Ke moo bohlale bo leng teng. Ya hlalefileng a bale palo ya sebata; hobane ke palo ya motho: palo ya sona ke makgolo a tsheletseng a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng.


Haele mosadi eo o mmoneng, ke motse o moholo o busang marena a lefatshe.


La nkisa feelleng ka moya, mme ka bona mosadi ya dutseng hodima sebata se mmala wa sekarelata, se tletseng mabitso a bonyefodi, se nang le dihlooho tse supileng, le dinaka tse leshome.


Lengeloi la re ho nna: O makaletseng? Ke tla o bolella sephiri sa mosadi le sa sebata seo a se kaletseng, se nang le dihlooho tse supileng le dinaka tse leshome.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos