Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Baefese 3:5 - BIBELE

5 Mehleng e fetileng Modimo ha a a ka a tsebisa batho sephiri seo, empa kajeno, ka Moya, o se senoletse baapostola le baporofeta ba hae ba halalelang.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Sephiri seo ha se a ka sa senolelwa bana ba batho melokong e fetileng, jwalokaha se tswa senolwa mehleng ena ke Moya ho baapostola ba hae ba halalelang, le ho baporofeta;

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

5 Seo mehleng e meng se sa kang sa tsebiswa bana ba batho, jwalokaha se se se senoletswe baapostola ba hae ba halalelang le baporofeta ka Moya;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

5 Seo mehleng e meng se sa kang sa tsebiswa bana ba batho, jwalokaha se se se senoletswe baapostola ba hae ba halalelang le baporofeta ka Moya;

Ver Capítulo Copiar




Baefese 3:5
24 Referencias Cruzadas  

Empa tjhaba tse ngata di tla mo makalla, kgosi di fetohe dimumu kapele ho yena, hobane di tla be di bona seo di esong ho se bolellwe, seo di esong ho se utlwe, di tla se utlwisisa.


Etswe ruri ke a le bolella, baporofeta le ba lokileng ba bangata ba ne ba lakatsa ho bona seo le se bonang, empa ha ba a ka ba se bona, le ho utlwa seo le se utlwang, empa ha ba a ka ba se utlwa.”


“Ba re ho yena: ‘Ke kahobane ha ho ya re fang mosebetsi.’ “A re ho bona: ‘Le lona eyang tshimong ya ka ya morara.’


Ka baka leo, ke le romela baporofeta, bahlalefi le Ditsebi tsa Molao. Ba bang ba bona le tla ba bolaya, le ba thakgise, mme ba bang ba bona le tla ba shapela matlung a lona a thapelo, le ba phaladise le metse yohle;


Ke a le bolella baporofeta ba bangata le mahosi a mangata ba ne ba lakaditse ho bona tseo le di bonang, empa ha ba a ka ba di bona; le ho utlwa tseo le di utlwang, empa ha ba a ka ba di utlwa.”


Ka baka leo, Modimo, ka bohlale ba hae, o ile a re: ‘Ke tla ba romela baporofeta le baapostola, mme ba bang ba bona ba tla bolawa, le ho hloriswa,


empa Mothusi, Moya o Halalelang oo Ntate a tla o romela lebitsong la ka, yena o tla le ruta tsohle, a le hopotse tsohle tseo ke le boleletseng tsona.


athe ha eo, Moya wa nnete, a etla, o tla le tsamaisa nneteng yohle, hobane a ke ke a bua tsa hae, empa o tla bua tseo a di utlwang, mme o tla le tsebisa tse tlang.


A re ho bona: “Ha ke re le tseba kamoo ho sa dumellehang kateng hore monna wa Mojuda a tlwaelane le moditjhaba, kapa a mo tjhakele? Empa nna Modimo o mpontshitse hore ha ho motho ya ilehang kapa ya sa hlwekang.


Ho tlotliswe ya nang le matla a ho le tiisa ka molaetsa o molemo wa ka, le ka thuto ya Jesu Kreste, le ka tshenolo ya sephiri se neng se patehile ho tloha tshimolohong,


Rona Modimo o re senoletse tsona ka Moya wa hae, hobane Moya o Halalelang o fuputsa tsohle, esita le tse tebileng tsa Modimo.


Le hahilwe hodima motheo oo e leng baapostola le baporofeta, oo Kreste Jesu ka sebele e leng lejwe la mantlha la wona.


le ho bontsha batho bohle kamoo Modimo a phethahatsang morero wa hae wa sephiri kateng. Haesale Modimo, Mmopi wa tsohle, a patile sephiri seo sa hae,


Hopolang he tse neng di bolelwe e sa le pele ke baporofeta ba halalelang, le ditaelo tse tswang ho Morena le Mopholosi wa rona, tseo le neng le di newe ke baapostola ba lona.


Lona baratuwa, le mpe le hopole dipolelo tse boletsweng e sa le pele ke baapostola ba Morena wa rona Jesu Kreste.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos