Mattheu 13:27 - BIBELE “Basebeletsi ba monga tshimo ba tla ho yena, ba re: ‘Monghadi, na o ne o sa jala peo e ntle tshimong ya hao? Jwale mofoka o tswa kae?’ Sesotho 1909/1961 (SO) Bahlanka ba mong a ntlo ba tla, ba re ho yena: Morena, ha re re, o ne o jadile peo e ntle tshimong ya hao? Na mofoka oo e o nkile kae? Baasraak Sotho NT Bahlanka ba monga ntlo ba tla ho yena, ba re: Monghadi, na ha o a ka wa jala peo e ntle tshimong ya hao na? joale e ka ba mofoka kae? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bahlanka ba monga ntlo ba tla ho yena, ba re: Monghadi, na ha o a ka wa jala peo e ntle tshimong ya hao na? joale e ka ba mofoka kae? |
“A re ho bona: ‘Hono ho entswe ke sera.’ “Basebeletsi ba re ho yena: ‘Jwale na o rata hore re yo o fothola?’
“Mmuso wa mahodimo o tshwana le monga tshimo ya ileng a tsoha kameso ho ya batla batho ba tla sebetsa tshimong ya hae ya morara.
Bana beso, ke a le rapela hore le fadimehele ba bakang dikarohano, ba le kgelosang thutong eo le ithutileng yona. Le ba sesefe
Haeba Timothea a ka fihla, le etse hore a dule le lona a se na tshabo, hobane o sebetsa mosebetsi wa Morena jwaloka nna.
Jwale rona, re le ba sebetsang mmoho le Modimo, re a le rapela hore mohau wa Modimo le se ke la o amohella lefeela.
Empa dinthong tsohle re itshupa hore re basebeletsi ba Modimo, ka ho ba le tiisetso e kgolo matshwenyehong, ditsietsing, ditlallong,
Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.