Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 4:4 - BIBELE

4 Lona bakwenehi, na ha le tsebe hore ho etsa setswalle le lefatshe ke bora ho Modimo? Mang le mang ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe o iketsa sera sa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Banna le basadi ba bafebi, hleka ha le tsebe hoba ho rata lefatshe ke ho lwantsha Modimo na? Efela ya phehellang ho iketsa motswalle wa lefatshe o ipea sera ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Lona bafebi, na ha le tsebe hoba setswalle sa lefatshe ke bora ho Modimo? ka hona, e mong le e mong ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe, ke sera sa Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Lona bafebi, na ha le tsebe hoba setswalle sa lefatshe ke bora ho Modimo? ka hona, e mong le e mong ya ratang ho ba motswalle wa lefatshe, ke sera sa Modimo.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 4:4
24 Referencias Cruzadas  

Ke tla hlahisa bora pakeng tsa hao le mosadi, le pakeng tsa madinyane a hao le bana ba hae. Bana ba hae ba tla kgoba hlooho ya hao; wena o tla ba loma serethe.”


Kgosi e tshepile Morena, ka baka la mohau wa Ya Hodimodimo, e ke ke ya sisinngwa.


Ha o bona leshodu, o so kgema le lona; o motswalle wa difebe.


Ha e le ba ikarohantseng le wena, bona ba tla timela; o fedisa bohle ba sa tshepahaleng ho wena.


“Lona bana ba baloi atamelang mona, le lona bana ba difebe, le lona ba diotswa!


“Tsamaya o yo howeletsa hore baahi ba Jerusalema ba utlwe, o re Morena o bua tjena: “ ‘Ke hopola ho nkgomarela ha hao botjheng ba hao, kamoo o nthatileng kateng o sa le monyaduwa, wa ntshala morao lehwatateng, naheng eo ho sa jalwang, ho sa jalwang letho ho yona.


Hoja ke na le motlotlwane hara lehwatata, moo baeti ba ka robaletsang teng, ke tle ke tlohe hara tjhaba sena sa heso, ke itsamaele ke ye hole le sona, hoba kaofela ha sona ke difebe, ke mokgopi wa batho ba bolotsana!


“ ‘O mosadi wa sefebe, ya febang le banna ba bang, ho ena le ho rata monna wa hao!


Morena a re ho nna: “Eya, o boelane le mosadi wa hao, le hoja a se a ratana le monna e mong, e se e le sefebe. O mo rate jwalokaha Morena a rata bana ba Iseraele, le hoja ba sebeletsa medimo esele, mme ba e nyehella ka diphaphatha tsa mangangajane a morara.”


Jesu a ba araba, a re: “Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa moporofeta Jonase.


Moloko o kgopo, wa bakwenehi, o batla sesupo, empa o ke ke wa newa sesupo, haese sa Jonase.” Yaba o tloha ho bona, o a ikela.


“Ha ho motho ya ka sebeletsang marena a mabedi, hobane o tla hloya e mong, a rate e mong; kapa o tla kgomarela e mong, a nyedise e mong. Le ke ke la sebeletsa Modimo le Leruo.”


Empa dira tsena tsa ka, tse sa kang tsa rata ha ke rena hodima tsona, di tliseng kwano, le di bolaele kapela ka.”


Ha le ne le le ba lefatshe, lefatshe le ka be le ratile seo e leng sa lona, empa kahobane le se ba lefatshe, ke mpa ke le kgethile ho ba lefatsheng, lefatshe le le hloile ke hona.


Ke ba neile lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, hobane hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.


Lefatshe le ke ke la le hloya, empa nna le ntlhoile, kahobane nna ke paka hore mesebetsi ya lona e mebe.


Haeba re boelantswe le Modimo ka lefu la Mora wa hae, ha re ne re sa ntse re le dira tsa Modimo, re tla pholoswa ho feta hakaakang ka bophelo ba Kreste, ha re se re boelantswe le Modimo!


Ya thahasellang tsa botho ke sera sa Modimo: Ha a ikokobetse tlasa Molao wa Modimo, etswe o a sitwa.


Jwale mohlalefi o tla fella kae? Morutehi yena? Sengangele sa tsa lefatshe sona? Ana Modimo ha a ka a bontsha hore bohlale ba lefatshe ke bothoto?


Erekaha lefatshe, ka bohlale ba lona, le sitilwe ho tseba Modimo ka mesebetsi ya bohlale ba hae, ka hona ba dumelang, Modimo o kgahlilwe ke ho ba pholosa ka bothoto ba molaetsa ona oo re o phatlalatsang.


Na ebe ke rialo ho kgahlisa batho kapa Modimo? Na ebe ke batla ho thabisa batho? Hoja ke sa ntsane ke thabisa batho, nka be ke se mohlanka wa Kreste.


Borapedi bo hlwekileng, bo se nang sekodi mahlong a Modimo Ntata rona, ke bona: Ho tjhakela dikgutsana le bahlolohadi matshwenyehong a bona, le ho ipoloka re sa silafatswe ke tsa lefatshe.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos