Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 4:3 - BIBELE

3 Le a kopa, empa ha le fumane letho, hobane le kopa ka mokgwa o mobe, hore le tle le kgotsofatse ditakatso tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Le a kopa, mme ha le fuwe, kahobane le kopa hampe, ho nkela ditakatso tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Le a kopa, mme ha le amohele, kahobane le kopa hampe, hore le tle le je ka ditakatso tsa lona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Le a kopa, mme ha le amohele, kahobane le kopa hampe, hore le tle le je ka ditakatso tsa lona.

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 4:3
25 Referencias Cruzadas  

mme Modimo a re ho yena: “Erekaha o kopile hona, o sa ikopela hore o phele halelele, kapa o rue, kapa o timetse dira tsa hao, o mpa o ikopetse bohlale ba ho tseba se lokileng,


Leha ba ipiletsa, yena ha a arabe, ka baka la boikakaso ba ba etsang bokgopo.


O etsa hore dira tsa ka di ntshupe ka direthe, ba ntlhoileng ke a ba timetsa.


ba tla ipiletsa ho nna ke se ke ka ba araba, ba mpatle ba se ke ba mphumana.


Mahlabelo a ya kgopo ke manyala ho Morena, empa thapelo ya ya lokileng e a mo kgahla.


Ya ithibang ditsebe ha mofutsana a lla, le yena o tla lla, empa a ke ke a mamelwa.


Sehlabelo sa ya kgopo se a nyonyeha, haholo ha a se etsa ka morero o mobe.


Ka baka lena, Morena o bua tjena: “Ke tla ba dihela koduwa eo ba ke keng ba e phema. Leha ba ka ipiletsa ho nna ha nka ke ka ba mamela.


“Ka baka lena, o se ke wa rapella setjhaba sena, kapa wa se etsetsa thapedi, hobane ha ke na ho mamela ha se ipiletsa ho nna nakong ya ditsietsi tsa sona.


Leha se ka itima dijo, nke ke ka mamela sello sa sona; leha se ka etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa dino, tsena nke ke ka di amohela. Empa ke tla se timetsa ka sabole, le ka sekoboto, le ka lefu la sewa.”


Ke moo ba tla ipiletsa ho Morena, Morena a ke ke a ba araba. Mohlang oo o tla ba patela fahleho sa hae, ka baka la diketso tsa bona, ketso tsa bona tse kgopo.


“ ‘Jwalokaha ba sa ka ba mamela ha ke ne ke ba bitsa, le nna ha ke a ka ka ba mamela ha ba ipiletsa ho nna,’ ho rialo Morena wa mabotho.


Jesu a araba, a re: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke leng lekgatheng la ho se nwa?” Ba re ho yena: “Re ka se nwa.”


Jesu a re ho bona: “Ha le tsebe seo le se kopang. Na le ka nwa senwelo seo ke se nwang, kapa le ho kolobetswa ka kolobetso eo nna ke kolobetswang ka yona?”


Mang kapa mang ya kopang o a fuwa, ya batlang o a fumana, ya kokotang o a bulelwa.


“Kamora matsatsi a se makae, mora e monyenyane a bokella tsohle, a fallela lefatsheng le hole, mme teng a hafa leruo la hae ka ho phela habohlaswa.


empa ere ha ho fihla enwa mora wa hao, ya jeleng leruo la hao le diotswa, o mo hlabela namane e nontshitsweng!’


Dintwa le diqabang tse hara lona di bakwa keng? Na ha di bakwe ke ditakatso tse mpe tse lwanang ka ho lona?


Eng le eng eo re e kopang re tla e fuwa, hobane re boloka ditaelo tsa hae, mme re etsa se mo kgahlisang.


Re ka ya ho Modimo ka sebete, hobane, ha re kopa ho hong ho ya ka thato ya hae, o a re utlwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos