Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Jakobo 4:2 - BIBELE

2 Le a lakatsa, empa ha le fumane. Le a bolaya, le na le mohono, empa ha le atlehe. Le a qabana, le a lwana; ha le fumane letho, hobane ha le kope ho Modimo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Le a lakatsa, mme ha le rue letho; le a bolaya, le na le mona, mme le sitwa ho fumana; le a lwana, le a tseka; ha le na letho kahobane ha le kope.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

2 Le a lakatsa, mme ha le rue letho; le a bolaya, mme le lakatsa ho rua, empa ha le kgone ho fumana;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

2 Le a lakatsa, mme ha le rue letho; le a bolaya, mme le lakatsa ho rua, empa ha le kgone ho fumana;

Ver Capítulo Copiar




Jakobo 4:2
14 Referencias Cruzadas  

Akabe a re ho yena: “Ke hobane ke ile ka bua le Nabote wa Mojesereele, ka re ho yena: ‘Nthekisetse tshimo ya hao ka tjhelete; kapa haeba o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya morara bakeng sa yona.’ Yena a nkaraba, a re: ‘Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya morara.’ ”


Ba fella jwalo ba ithuisang ka bolotsana, bophelo ba bona bo fediswa ke matsoho a bona.


Motho ya mong to! ka monwana, ke eo, ha a na mora, ha a na ngwanabo, o sebetsa ka thata a sa kgaotse, le yena ka boyena ha a kgotsofalle leruo la hae. Jwale o a ipotsa: “Ke sebeletsa mang, ha ke itima tsa boithabiso?” Le hona ke lefeela, ke ho sebeletsa lelea!


Empa Akase a re: “Nke ke ka kopa letho, nke ke ka bea Morena tekong.”


“Ruri, veine ke moeki wa motho; ya ikgohomosang a ke ke a phela. O meharo jwaloka Nqalo ya Bafu; jwaloka lefu ha a ke a kgora. O ipokellela ditjhaba tse ngatangata, merabe kaofela a e fetole bathopuwa.


Ho fihlela jwale ha le eso kope letho ka lebitso la ka; kopang, mme le tla fuwa, hore thabo ya lona e be e phethehileng.”


Jesu a mo araba, a re: “Hoja o tsebile mpho ya Modimo, le hore na ke mang ya reng ho wena: ‘Ako mphe, ke nwe,’ wena, o ka be o mo kopile, mme a ka be a o file metsi a kollang.”


Haeba e mong wa lona a hloka bohlale, a ke a bo kope ho Modimo ya fang bohle ka matsoho a mabedi, a sa kganane, mme o tla bo fuwa.


Le ahlotse ya lokileng, le mmolaile, mme ha a a ka a itwanela.


Mang le mang ya hloileng ngwanabo ke mmolai, mme le a tseba hore ha ho mmolai ya ka bang le bophelo bo sa feleng ka ho yena.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos