Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Mattheu 13:25 - BIBELE

25 Yare ha ho robetswe, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, mme sa ikela.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Yare ha ho robetswe ke batho, ya mo hloileng a tla, mme a jala mofoka hara koro, a ntoo ikela.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

25 Eitse ha batho ba robetse, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, sa tloha.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

25 Eitse ha batho ba robetse, sera sa hae sa tla, sa jala mofoka hara koro, sa tloha.

Ver Capítulo Copiar




Mattheu 13:25
19 Referencias Cruzadas  

Mosadi enwa ke ha a tsoha hara bosiu, lekgabunyane la hao le sa kgalehile, a nka mora wa ka lehlakoreng la ka, a robala le yena, mme a kenya ngwana wa hae ya shweleng ka dikobong tsa ka.


Jesu a ba bolella setshwantsho se seng, a re: “Mmuso wa mahodimo o tshwantshwa le motho ya jetseng peo e ntle tshimong ya hae.


Ha lekgaba le se le metse, le bile le tswetse, mofoka le wona wa bonahala.


“Basebeletsi ba monga tshimo ba tla ho yena, ba re: ‘Monghadi, na o ne o sa jala peo e ntle tshimong ya hao? Jwale mofoka o tswa kae?’


“A re: ‘Tjhe, esere ha le fothola mofoka la fotholella le koro.


Di leseng di hole hammoho ho fihlela mohla kotulo, mme ka nako ya kotulo ke tla re ho bakotudi: Fotholang mofoka pele, le o tlame mangata, o tle o tjheswe, koro yona le e bokelle disiung tsa ka.’ ”


Sera se o jetseng ke Diabolosi. Kotulo ke bofelo ba mehla ya jwale; bakotudi ke mangeloi.


Ka baka la ho dieha ha monyadi, bohle ba thibasela, ba robala.


Hona e ne e le ho hanyetsana le badumedi ba bohata, ba tlileng ka bononnori ho tla iketsa dihlwela tse tlilo hlwela tsa bolkolohi boo re nang le bona ho Kreste Jesu, hore di tle di re etse makgoba.


Hlokomelang hore ho se be ya furallang mohau wa Modimo, esere ha mela sebabane se seng se ferekanyang, mme sa silafatsa ba bangata.


Ebang le boitshwaro, le fadimehe. Diabolosi, sera sa lona, o solla jwaloka tau e purumang, a ntse a batla eo a ka mo harolang.


Setjhabeng sa Iseraele le teng ho bile le baporofeta ba bohata. Ka mokgwa o jwalo ho tla ba le baruti ba bohata hara lona, ba tla tlisa ka sekgukgu dithuto tse kgelohileng, tse isang timelong. Ba tla be ba latole Morena ya ba lopoletseng, mme ka hona ba itlisetse timelo ka potlako.


Ya dihelwa fatshe kganyapa ya tonana, noha ya kgale, e bitswang Diabolosi le Satane, mokgelosi wa lefatshe lohle; ya dihelwa lefatsheng mmoho le mangeloi a yona.


Sa kgelosa baahi ba lefatshe ka mehlolo eo se dumeletsweng ho e etsa pontsheng ya sebatana sa pele. Sa ba bolella hore ba etse setshwantsho sa sebatana se ileng sa ntshwa leqeba ka sabole le hoja se ile sa phela.


“Leha ho le jwalo, seo ke se nyatsang ho wena ke hore o dumella Jesabele, mosadi ya reng ke moporofeta, ho kgelosa bahlanka ba ka, ka ho ba ruta ho etsa bohlola, le ho ja tse hlabetsweng medimo ya bohata.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos